Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 96

Jesu o Khetha Saule

Jesu o Khetha Saule

Saule o ne a hlahetse toropong ea Tarsase e Roma. E ne e le Mofarisi ea tsebang molao oa Bajuda. O ne a hloile Bakreste, a ba ntša ka matlung a bona ’me a ba kenya teronkong. O ne a bile a le teng ha morutuoa Setefane a otloa ka majoe ho fihlela a shoa.

Empa Saule o ne a sa tšoare Bakreste ba Jerusalema feela. O ile a kopa moprista ea phahameng hore a mo lumelle ho ea tšoara le Bakreste ba Damaseka. Joale ha Saule a atamela Damaseka, ho ile ha hlaha khanya e fahlang hoo a ileng a oela fatše. A utloa lentsoe le re ho eena: ‘Saule, u ntlhorisetsa’ng?’ Saule a re: ‘U mang?’ Lentsoe leo la re: ‘Ke ’na Jesu. Tsamaea u ee Damaseka.’ Hona hoo, eaba Saule oa foufala ’me banna ba neng ba tsamaea le eena ba mo thusa ho ea motseng oo.

Motseng oa Damaseka ho ne ho e-na le Mokreste ea bitsoang Ananiase. Jesu a re ho eena torong: ‘Tsamaea u ee seterateng se bitsoang Se Otlolohileng ’me u ee ntlong ea Judase u batle monna ea bitsoang Saule.’ Ananiase a re: ‘Morena, ke tseba monna eo hantle. Ke eena ea kenyang barutuoa ba hao teronkong!’ Empa Jesu a re: ‘E-ea ho eena hobane ke mo khethile hore a rute Lentsoe la Molimo lichabeng tse ngata.’

Ananiase a mo fumana ’me a re: ‘Saule, mor’eso, Jesu o nthomile ho uena hore u boele u bone.’ Hang-hang Saule a bona hape. O ile a ithuta ka Jesu ’me ea e-ba morutuoa oa hae. Ha a se a kolobelitsoe, Saule o ile a qala ho ruta ka lisynagogeng le barutuoa ba bang. E ka ’na eaba Bajuda ba ne ba maketse ha ba bona Saule a ruta batho ka Jesu. Ba re: ‘Na eo ha se eena monna ea neng a hlorisa barutuoa ba Jesu?’

Saule o ile a ruta batho ba Damaseka Lentsoe la Molimo ka lilemo tse tharo. Bajuda ba ne ba hloile Saule hoo ba neng ba batla ho mo bolaea. Empa barutuoa ba bang ba ile ba thusa Saule ho baleha. Ba ile ba mo kenya ka basketeng ’me ba mo ntša ka lesoba le lerakong la motse.

Saule o ile a ea Jerusalema ho ea thusa barutuoa ba moo. Empa ba ne ba mo tšaba. Eaba morutuoa e mong ea bitsoang Barnabase o tla le Saule ho baapostola ’me o ba bolella hore Saule o fetohile. Saule a qala ho ruta Lentsoe la Molimo le Bakreste ba phutheho e Jerusalema. Ka mor’a moo o ile a bitsoa Pauluse.

“Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe. Ke ’na ea ka pele-pele ho bona.”—1 Timothea 1:15