Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 96

Jesu o Kgetha Saule

Jesu o Kgetha Saule

Saule o ne a hlahetse toropong ya Tarsase e Roma. E ne e le Mofarisi ya tsebang Molao wa Bajuda. O ne a hloile Bakreste, a ba leleka ka matlung a bona mme a ba kenya teronkong. O ne a bile a le teng ha morutuwa Setefane a otlwa ka majwe ho fihlela a shwa.

Empa Saule o ne a sa tshware Bakreste ba Jerusalema feela. O ile a kopa moprista ya phahameng hore a mo dumelle ho ya tshwara le Bakreste ba Damaseka. Jwale ha Saule a atamela Damaseka, ho ile ha hlaha kganya e fahlang hoo a ileng a wela fatshe. A utlwa lentswe le re ho yena: ‘Saule, o ntlhorisetsang?’ Saule a re: ‘O mang?’ Lentswe leo la re: ‘Ke nna Jesu. Tsamaya o ye Damaseka mme o tla tseba seo o tlamehang ho se etsa.’ Hona hoo, yaba Saule o a foufala mme banna ba neng ba tsamaya le yena ba mo thusa ho ya motseng oo.

Motseng wa Damaseka ho ne ho e na le Mokreste ya bitswang Ananiase. Jesu a re ho yena torong: ‘Tsamaya o ye seterateng se bitswang Se Otlolohileng mme o ye ntlong ya Judase o batle monna ya bitswang Saule.’ Ananiase a re: ‘Morena, ke tseba monna eo hantle. Ke yena ya kenyang barutuwa ba hao teronkong!’ Empa Jesu a re: ‘E ya ho yena hobane ke mo kgethile hore a rute Lentswe la Modimo ditjhabeng tse ngata.’

Ananiase a mo fumana mme a re: ‘Saule, moreso, Jesu o nthomile ho wena hore o boele o bone.’ Hanghang Saule a bona hape. O ile a ithuta ka Jesu mme ya e ba morutuwa wa hae. Ha a se a kolobeditswe, Saule o ile a qala ho ruta ka disynagogeng le barutuwa ba bang. E ka nna yaba Bajuda ba ne ba maketse ha ba bona Saule a ruta batho ka Jesu. Ba re: ‘Na eo ha se yena monna ya neng a hlorisa barutuwa ba Jesu?’

Saule o ile a ruta batho ba Damaseka Lentswe la Modimo ka dilemo tse tharo. Bajuda ba ne ba hloile Saule hoo ba neng ba batla ho mo bolaya. Empa barutuwa ba bang ba ile ba thusa Saule ho baleha. Ba ile ba mo kenya ka basketeng mme ba mo ntsha ka lesoba le lerakong la motse.

Saule o ile a ya Jerusalema ho ya thusa barutuwa ba moo. Empa ba ne ba mo tshaba. Yaba morutuwa e mong ya bitswang Barnabase o tla le Saule ho baapostola mme o ba bolella hore Saule o fetohile. Saule a qala ho ruta Lentswe la Modimo le Bakreste ba phutheho e Jerusalema. Ka mora moo o ile a bitswa Pauluse.

“Kreste Jesu o ile a tla lefatsheng ho pholosa baetsadibe. Ke nna ya ka pelepele ho bona.”—1 Timothea 1:15