Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 97

Korneliase o Fuoa Moea o Halalelang

Korneliase o Fuoa Moea o Halalelang

Ho ne ho e-na le molaoli oa lebotho oa Moroma motseng oa Cesarea eo lebitso la hae e leng Korneliase. Le hoja e ne e se Mojuda, Bajuda ba ne ba mo hlompha. O ne a thusa batho ba hlokang le ba futsanehileng. Korneliase o ne a lumela hore Jehova o teng ebile a mo rapela kamehla. Ka letsatsi le leng lengeloi le ile la hlaha ho Korneliase ’me la re: ‘Molimo o utloile lithapelo tsa hao. Joale roma banna motseng oa Jopa moo Petrose a lulang teng ’me ba mo kope hore a tle ho uena.’ Hang-hang Korneliase o ile a romela banna ba bararo motseng oa Jopa, o neng o le bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 50 ho tloha moo ba neng ba le teng.

Petrose o ile a ba le pono ha a ntse a le Jopa. O ile a bona liphoofolo tseo Bajuda ba neng ba sa lumelloa ho li ja, empa a utloa lentsoe le mo bolellang hore a li je. Petrose o ile a hana a re: ‘Empa ha ke e-s’o je phoofolo e sa hloekang bophelo bohle ba ka.’ Lentsoe leo le ile la re: ‘U se ke oa re liphoofolo tsena ha lia hloeka. Molimo o entse hore li hloeke. Ho na le banna ba bararo monyakong oa hao. Tsamaea le bona.’ Petrose o ile a ea monyako ’me a botsa banna bao hore na hobane’ng ba ne ba tlile ho eena. Ba ile ba re: ‘Re ronngoe ke Korneliase, molaoli oa lebotho oa Moroma. O re o kopa hore u ee ntlong ea hae e Cesarea.’ Petrose o ile a ba kopa hore ba robaletse ha hae. Ka le hlahlamang o ile a tsamaea le bona ho ea Cesarea hammoho le barab’abo rona ba bang.

Eitse ha Korneliase a bona Petrose, a mo khumamela. Empa Petrose a re: ‘Ema. Ke motho joaloka uena. Molimo o itse ke tle ntlong ea hao, le hoja Bajuda ba sa kene ka matlong a Balichaba. Joale mpolelle, ke hobane’ng ha u itse ke tle?’

Korneliase a re: ‘Matsatsi a mane a fetileng ke ne ke ntse ke rapela, eaba lengeloi le re ke rome batho hore ba u bitse. Re kopa hore u re rute ka Jehova.’ Petrose o ile a re: ‘Ke ithutile hore Molimo ha a leeme. O amohela mang kapa mang ea batlang ho mo rapela.’ Petrose o ile a ba ruta lintho tse ngata ka Jesu. Eaba Korneliase le bohle ba neng ba e-na le eena ba fuoa moea o halalelang ’me kaofela ha bona ba kolobetsoa.

“Sechabeng se seng le se seng motho ea tšabang [Molimo] le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:35