Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 98

Batho ba Lichaba Tse Ngata e E-ba Bakreste

Batho ba Lichaba Tse Ngata e E-ba Bakreste

Baapostola ba ile ba mamela taelo ea Jesu ea ho ruta batho Bibele lefatšeng lohle. Ka selemo sa 47 mehleng ea baapostola, barab’abo rona ba Antioke ba ile ba romela Pauluse le Barnabase hore ba il’o ruta molaetsa oa Bibele linaheng tsa Asia Minor tse akareletsang Derbe, Lystra, le Ikoniamo.

Pauluse le Barnabase ba ile ba ruta batho bohle, ebang e ne e le ba baholo, ba banyenyane, barui le mafutsana. Batho ba bangata ba ile ba lumela ho Jesu Kreste. Moloi e mong o ile a leka ho sitisa Pauluse le Barnabase ha ba ne ba ruta ’musisi oa Cyprase ea bitsoang Sergiase Pauluse. Moapostola Pauluse o ile a re ho moloi eo: ‘Jehova o khahlanong le uena.’ Hang-hang moloi eo a foufala. Ha ’musisi Sergiase Pauluse a bona seo o ile a fetoha Mokreste.

Pauluse le Barnabase ba ne ba ruta hohle: ka ntlo le ntlo, limmarakeng, litseleng le lisynagogeng. Ha ba le Lystra ba ile ba phekola monna ea sa khoneng ho tsamaea. Ha batho ba bona ketsahalo ena, ba ile ba nahana hore ke melimo. Eaba ba leka ho ba rapela. Empa Pauluse le Barnabase ba ba thiba, ba re ho bona: ‘Rapelang Molimo a le mong feela. Rona re batho feela ba tloaelehileng.’ Eaba Bajuda ba bang ba khothalletsa batho bana ho loantša Pauluse. Ba ile ba mo otla ka majoe, ba mo hulela ka ntle ho motse eaba ba mo siea moo ba nahana o shoele. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a ntse a phela. Kapele-pele barab’abo rona ba ile ba fihla ho tla mo thusa ’me ba tsamaea le eena. Hamorao, Pauluse a khutlela Antioke.

Ha a khutla Asia Minor ka selemo sa 49, o ile a etela Europe ho il’o ruta molaetsa oa Bibele linaheng tsa Europe tse kang Athene, Efese, Filipi, Thesalonika, le tse ling. Leetong lena, Pauluse o ile a tsamaea le Silase, Luka, le mohlankana Timothea. Ba ile ba sebetsa ’moho ho qala liphutheho tse ncha le ho li matlafatsa tumelong. Pauluse o ile a qeta selemo le likhoeli tse tšeletseng a le Korinthe, a ntse a thusa barab’abo rona moo. O ne a ruta a bile a ngolla liphutheho tse ngata mangolo. Mosebetsi oa hae e ne le ho etsa litente. Hamorao a khutlela Antioke.

Ka selemo sa 52 mehleng ea baapostola, Pauluse o ile a qala leeto la hae la boraro. A qala Asia Minor ho ea Filipi a ba a theohela le Korinthe. Pauluse o ile a lula Efese lilemo tse ngata, a ruta, a folisa batho a bile a thusa liphutheho. Letsatsi le leng le le leng o ne a fana ka lipuo holong ea sekolo. Batho ba bangata ba ne ba mo mamela ’me ba fetola tsela eo ba phelang ka eona. Ka mor’a ho ruta batho Bibele linaheng tse ngata, a ea Jerusalema.

“Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.”—Matheu 28:19