Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 98

Batho ba Ditjhaba Tse Ngata e ba Bakreste

Batho ba Ditjhaba Tse Ngata e ba Bakreste

Baapostola ba ile ba mamela taelo ya Jesu ya ho ruta batho Lentswe la Modimo lefatsheng lohle. Ka selemo sa 47 mehleng ya baapostola, barababo rona ba Antioke ba ile ba romela Pauluse le Barnabase hore ba ilo ruta molaetsa wa Lentswe la Modimo, ba ruta dinaheng tsa Asia Minor tse akarelletsang Derbe, Lystra, le Ikoniamo.

Pauluse le Barnabase ba ile ba ruta batho bohle, ba baholo, ba banyenyane, barui le mafutsana. Batho ba bangata ba ile ba dumela ho Kreste. Moloi e mong o ile a leka ho thibela Pauluse le Barnabase ha ba ne ba ruta mmusisi wa Cyprase ya bitswang Sergiase Pauluse. Pauluse o ile a re ho moloi eo: ‘Jehova o kgahlanong le wena.’ Hanghang moloi eo a foufala. Ha mmusisi Sergiase Pauluse a bona seo o ile a fetoha Mokreste.

Pauluse le Barnabase ba ne ba ruta hohle, ka ntlo le ntlo, dimmarakeng, ditseleng le disynagogeng. Ha ba le Lystra ba ile ba phekola monna ya sa kgoneng ho tsamaya, ha batho ba bona ketsahalo ena ba nahana hore ke medimo yaba ba leka ho ba rapela. Empa Pauluse le Barnabase ba ba thiba, ba re ho bona: ‘Rapelang Modimo a le mong feela! Rona re batho feela ba tlwaelehileng.’ Yaba Bajuda ba bang ba kgothalletsa batho bana ho lwantsha Pauluse. Ba ile ba mo otla ka majwe, ba mo hulela kantle ho motse yaba ba mo siya moo ba nahana o shwele. Leha ho le jwalo, Pauluse o ne a ntse a phela! Kapelepele barababo rona ba ile ba fihla ho tla mo thusa mme ba tsamaya le yena. Hamorao, Pauluse a kgutlela Antioke.

Ha Pauluse a kgutlela Asia Minor ka selemo sa 49, o ile a etela Europe. A ruta batho ditaba tse molemo dinaheng tse kang Athene, Efese, Filipi, Thesalonika, le tse ding. Leetong lena Pauluse o ile a tsamaya le Silase, Luka, le mohlankana Timothea. Ba ile ba sebetsa hammoho ho qala diphutheho tse ntjha le ho di matlafatsa tumelong. Pauluse o ile a dula Korinthe selemo le dikgwedi tse tsheletseng, a ntse a thusa barababo rona moo. O ne a ruta a bile a ngolla diphutheho tse ngata. Mosebetsi wa hae e ne e le ho etsa ditente. Hamorao a kgutlela Antioke.

Ka selemo sa 52 mehleng ya baapostola, Pauluse o ile a qala leeto la hae la boraro. A qala Asia Minor ho ya Filipi a ba a theohela le Korinthe. Pauluse a dula Efese dilemo tse ngata, a ruta, a fodisa batho a bile a thusa diphutheho. Letsatsi le leng le le leng o ne a fana ka dipuo holong ya sekolo. Batho ba bangata ba ne ba mo mamela mme ba fetola tsela eo ba phelang ka yona. Ka mora ho ruta ka Lentswe la Modimo dinaheng tse ngata a ya Jerusalema.

“Ka hona e yang mme le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa.”—Matheu 28:19