Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 100

Pauluse le Timothea

Pauluse le Timothea

Timothea e ne e le mohlankana oa phuthehong ea Lystra. Ntate oa hae e ne e le Mogerike, ’mè oa hae e le Mojuda. ’Mè oa hae Eunise le nkhono oa hae Loise ba ile ba mo ruta ka Jehova ho tloha a sa le monyane.

Ha Pauluse a khutlela Lystra, o ile a hlokomela hore Timothea o rata batho ebile o ikemiselitse ho ba thusa. Pauluse o ile a kopa Timothea hore a tsamaee le eena ho ea ruta batho Bibele. Ka mor’a nako, Pauluse o ile a thusa Timothea ho ba tichere e hloahloa ea Bibele.

Moea o halalelang o ile oa thusa Pauluse le Timothea hohle moo ba neng ba ea teng. Bosiung bo bong Pauluse o ile bona ntate e mong torong a mo joetsa hore a ee Macedonia a il’o ba thusa. Joale Pauluse, Timothea le Silase ba ea Macedonia ho e’o ruta batho Bibele le ho theha liphutheho.

Ha ba le Macedonia toropong ea Thesalonika, banna le basali ba bangata e ile ea e-ba Bakreste. Empa Bajuda ba bang ba ile ba halefela Pauluse le metsoalle ea hae. Eaba ba susumelletsa batho hore ba ba isa lekhotleng la motse, ba hoeletsa ba re: ‘Banna bana ke lira tsa ’Muso oa Roma!’ Pauluse le Timothea ba ile ba baleha Berea hobane batho ba ne ba batla ho ba bolaea.

Batho ba Berea ba ile ba thabela ho ithuta Lentsoe la Molimo ’me Bajuda le Bagerike ea e-ba barutuoa ba Jesu. Empa Bajuda ba bang ba tsoang Thesalonika ba qala merusu. Kahoo, Pauluse a balehela Athene. Timothea le Silase ba ile ba sala Berea ’me ba khothatsa barutuoa ba bang. Ka mor’a nako e seng kae, Pauluse a roma Timothea hore a khutlele Thesalonika a il’o khothatsa barutuoa ba hlorisoang. Hamorao, Pauluse a roma Timothea ho chakela batho ba liphuthehong tse ling hore a ba khothatse.

Pauluse o ile a re ho Timothea: ‘Ba batlang ho sebeletsa Jehova ba tla hlorisoa.’ Timothea le eena o ile a hlorisoa a ba a koalloa teronkong ka lebaka la tumelo ea hae. Feela o ile a thabela monyetla oa ho bontša hore oa tšepahala ho Jehova.

Pauluse o ile a joetsa Bafilipi a re: ‘Ke romela Timothea ho lona. O tla le ruta hore na morutuoa oa Jesu o lokela ho phela joang le hore na le lokela ho bolela Lentsoe la Molimo joang.’ Pauluse o ne a tšepa Timothea. Ba ile ba sebetsa e le metsoalle ka lilemo tse ngata.

“Ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang. Etsoe ba bang kaofela ba batla lithahasello tsa bona, eseng tsa Kreste Jesu.” —Bafilipi 2:20, 21