Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 100

Pauluse le Timothea

Pauluse le Timothea

Timothea e ne e le mohlankana wa phuthehong ya Lystra. Ntate wa hae e ne e le Mogerike, mme wa hae e le Mojuda. Mme wa hae Eunise le nkgono wa hae Loise ba ile ba mo ruta ka Jehova ho tloha a sa le monyane.

Ha Pauluse a kgutlela Lystra, o ile a hlokomela hore Timothea o rata batho ebile o ikemiseditse ho ba thusa. Pauluse o ile a kopa Timothea hore a tsamaye le yena. Ka mora nako, Pauluse o ile a thusa Timothea ho ba titjhere e hlwahlwa ya ditaba tse molemo.

Moya o halalelang o ile wa thusa Pauluse le Timothea hohle moo ba neng ba ya teng. Bosiung bo bong Pauluse o ile bona monna e mong torong a mo jwetsa hore a ye Macedonia a ilo ba thusa. Jwale Pauluse, Timothea, Silase le Luka ba ya Macedonia ba ilo paka le ho theha diphutheho.

Ha ba le Macedonia toropong ya Thesalonika, banna le basadi ba bangata e ile ya ba Bakreste. Empa Bajuda ba bang ba ile ba kwatela Pauluse le metswalle ya hae. Ba susumeletsa batho hore ba ba ise lekgotleng la motse, ba hweletsa ba re: ‘Banna bana ke dira tsa mmuso wa Roma!’ Pauluse le Timothea ba ile ba baleha Berea hobane batho ba ne ba batla ho ba bolaya.

Batho ba Berea ba ile ba thabela ho ithuta Lentswe la Modimo, mme Bagerike le Bajuda ya e ba barutuwa ba Jesu. Empa Bajuda ba bang ba tswang Thesalonika ba qala merusu yaba Pauluse o balehela Athene. Timothea le Silase ba ile ba sala Berea mme ba kgothatsa barutuwa ba bang. Ka mora nako e seng kae, Pauluse a romela Timothea hore a kgutlele Thesalonika a ilo kgothatsa barutuwa ba hloriswang. Hamorao, Pauluse a romela Timothea ho tjhakela batho ba diphuthehong tse ding hore a ba kgothatse.

Pauluse o ile a re ho Timothea: ‘Ba batlang ho sebeletsa Jehova ba tla hloriswa.’ Timothea le yena o ile a hloriswa a ba a kena teronkong ka lebaka la tumelo ya hae. Feela o ile a thabela monyetla wa ho bontsha hore o a tshepahala ho Jehova.

Pauluse a jwetsa Bafilipi a re: ‘Ke romela Timothea ho lona. O tla le ruta hore na morutuwa wa Jesu o lokela ho phela jwang le hore na le lokela ho bolela Lentswe la Modimo jwang.’ Pauluse o ne a tshepa Timothea. Ba ile ba sebetsa e le metswalle ka dilemo tse ngata.

“Ha ke na e mong ya nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela dintho tse le amang. Etswe ba bang kaofela ba batla dithahasello tsa bona, eseng tsa Kreste Jesu.” —Bafilipi 2:20, 21