Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 101

Pauluse o Isoa Roma

Pauluse o Isoa Roma

Ha Pauluse a fihla Jerusalema, o ile a tšoaroa ’me a lahleloa teronkong. Leeto la hae la boraro la ho ruta Bibele le ile la fella moo. Jesu a hlaha ho eena torong, a re: ‘U tla ea Roma u il’o ruta batho ka Bibele.’ Pauluse o ile a tlosoa Jerusalema a isoa Cesarea, moo a qetileng lilemo tse peli teronkong. Ha a le ka pel’a Festase, Pauluse o ile a kopa ho ahloloa ke Cesare ea neng a le Roma. Festase a re: “U ipilelitse ho Cesare; u tla ea ho Cesare.” Pauluse a isoa Roma ka sekepe ’me a tsamaea le balumeli-’moho le eena ba bitsoang Luka le Aristakuse.

Ha ba ntse ba tsamaea ka sekepe, leoatle le ile la befa hoo ba neng ba bona hantle hore ba tl’o shoa. Empa Pauluse a bolella banna ba ka sekepeng hore lengeloi le itse ho eena a se ke a tšoha hobane eena le batho bohle ba ka sekepeng ba tla fihla Roma ba ntse ba phela.

Leoatle le ile la befa ka matsatsi a 14 ho fihlela ba bona lebopo la Malta. Sekepe se ile sa thula ’me sa robeha likoto. Empa banna bohle ba 276 ba neng ba le ka sekepeng ba pholoha. Ba bang ba ile ba sesa ha ba bang ba itšoarella ka likoto tsa sekepe ho ea lebopong. Baahi ba Malta ba ile ba ba hlokomela ’me ba ba besetsa mollo hore ba futhumale.

Ka mor’a likhoeli tse tharo, masole a palamisa Pauluse sekepeng se eang Roma. Ha Pauluse a fihla, balumeli-’moho le eena ba ile ba mo khahlametsa. Eitse ha a ba bona, Pauluse a leboha Jehova ’me a matlafala. Le hoja Pauluse a ne a tšoeroe, o ne a lumeletsoe ho lula ntlong e katiloeng ke lesole. O ile a lula moo ka lilemo tse peli. Ha batho ba tl’o mo bona, o ne a ba ruta ka ’Muso oa Molimo le ka Jesu. Pauluse o ile a ngolla liphutheho tsa Asia Minor le Judea mangolo. Kannete Jehova o ile a sebelisa Pauluse hore a rute batho ka Bibele lichabeng tsohle.

“Empa re ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo, ka ho mamella lintho tse ngata, ka matšoenyeho, ka maemo a ho hloka, ka mathata.”​—2 Bakorinthe 6:4