Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 101

Pauluse o Iswa Roma

Pauluse o Iswa Roma

Ha Pauluse a fihla Jerusalema, o ile a tshwarwa mme a lahlelwa teronkong. Leeto la hae la boraro la ho ruta batho ditaba tse molemo le ile la fella moo. Jesu a hlaha ho yena torong, a re: ‘O tla ya Roma o ilo ruta batho moo.’ Pauluse o ile a tloswa Jerusalema a iswa Cesarea, moo a qetileng dilemo tse pedi teronkong. Ha a le ka pela Mmusisi Festase, Pauluse o ile a kopa ho ahlolwa ke Cesare, Roma. Festase a re: “O ipileditse ho Cesare; o tla ya ho Cesare.” Pauluse a iswa Roma ka sekepe, mme a tsamaya le badumedimmoho le yena ba bitswang Luka le Aristakuse.

Ha ba ntse ba tsamaya ka sekepe, lewatle le ile la halefa hoo ba neng ba bona hantle hore ba tlo shwa. Empa Pauluse a bolella banna ba ka sekepeng hore lengeloi le itse ho yena a se ke a tshoha, ba tla fihla Roma ba ntse ba phela.

Lewatle le ile la halefa matsatsi a 14, ho fihlela ba bona lebopo la Malta. Sekepe se ile sa thula mme sa robeha dikoto. Empa banna bohle ba 276 ba neng ba le ka sekepeng ba pholoha. Ba bang ba ile ba sesa ha ba bang ba itshwarella ka dikoto tsa sekepe ho ya lebopong. Baahi ba Malta ba ile ba ba hlokomela mme ba ba besetsa mollo hore ba futhumale.

Ka mora dikgwedi tse tharo, masole a palamisa Pauluse sekepeng se yang Roma. Ha a fihla, badumedimmoho le yena ba ile ba mo kgahlametsa. Eitse ha a ba bona, Pauluse a leboha Jehova mme a matlafala. Le hoja Pauluse a ne a tshwerwe, o ne a dumelletswe ho dula ntlong e katilweng ke lesole. O ile a dula moo dilemo tse pedi. Ha batho ba tlo mo bona, o ne a ba ruta ka Mmuso wa Modimo le ka Jesu. Pauluse o ile a ngolla diphutheho tsa Asia Minor le Judea mangolo. Kannete Jehova o ile a sebedisa Pauluse hore a rute batho ditaba tse molemo ditjhabeng tsohle.

“Empa re ipuella ka tsela e nngwe le e nngwe hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho mamella dintho tse ngata, ka matshwenyeho, ka maemo a ho hloka, ka mathata.”—2 Bakorinthe 6:4