Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 103

“ ’Muso oa Hao o ke o Tle”

“ ’Muso oa Hao o ke o Tle”

Jehova o tšepisitse hore ‘ lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. O tla hlakola meokho eohle mahlong a rona. Lintho tse mpe li tla be li lebetsoe.’

Jehova o ile a bopa Adama le Eva hore ba lule serapeng sa Edene ba thabile. Ba ne ba lokela ho ba le bana, ba tlale lefatše ’me kaofela ba rapele Jehova. Empa Adama le Eva ha baa ka ba mamela Jehova. Leha ho le joalo, morero oa hae ha oa ka oa fetoha. Bukeng ena re ithutile hore lintho tsohle tseo Molimo a li tšepisang lia phethahala. ’Musong oa hae, Jehova o tla etsetsa batho lintho tse thabisang, joalokaha a tšepisitse Abrahama.

Haufinyane Satane, bademona le batho ba sa mameleng Jehova ba tla felisoa. Batho bohle ba tla sebeletsa Jehova. Ha re sa tla hlola re kula kapa re shoa. Re tla phela hamonate ha lefatše e se e le paradeise. Kaofela re tla ba le matlo a matle le lijo tse ngata tse monate. Lefatše le tla be le tletse batho ba mosa. Re tla phela ka khotso le liphoofolo tse hlaha, re se re sa li tšabe.

Kaofela ha rona re tla thaba haholo ha Jehova a tsosa bafu. Re tla bona batho ba phetseng mehleng ea khale, ba kang Abele, Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe, Esthere le Davida. Ba tla sebetsa le rona ho etsa hore lefatše e be paradeise. Re tla be re na le mosebetsi o mongata o re natefelang.

Jehova o batla hore le uena u phele paradeiseng. Ha re ntse re tsoela pele ho ithuta ka Jehova, re tla mo rata le ho feta. E se eka re ka sebetsa ka thata ho lula re le metsoalle ea Jehova hona joale le ka ho sa feleng.

“Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”—Tšenolo 4:11