Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO YA 103

“Mmuso wa Hao o ke o Tle”

“Mmuso wa Hao o ke o Tle”

Jehova o tshepisitse hore ‘O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e ba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di e ba teng. Dintho tsohle tse bohloko tsa nakong e fetileng ha di sa tla hopolwa.’

Jehova o ile a bopa Adama le Eva hore ba dule serapeng sa Edene ba thabile. Ba ne ba lokela ho ba le bana ba tlale lefatshe mme kaofela ba rapele Jehova. Empa Adama le Eva ha ba a ka ba mamela Jehova, leha ho le jwalo morero wa hae ha o a ka wa fetoha. Bukeng ena re ithutile hore dintho tsohle tseo Modimo a di tshepisang di a phethahala. Mmusong wa hae, Jehova o tla etsetsa batho dintho tse thabisang, jwalo ka ha a tshepisitse Abrahama.

Haufinyane Satane, bademona le batho ba sa mameleng Jehova ba tla fediswa. Batho bohle ba tla sebeletsa Jehova. Ha re sa tla hlola re kula kapa re shwa. Re tla phela ha monate ha lefatshe e se e le paradeise. Kaofela re tla ba le matlo a matle le dijo tse ngata tse monate. Lefatshe le tla be le tletse ka batho ba mosa. Re tla phela ka kgotso le diphoofolo tse hlaha, re se re sa di tshabe.

Kaofela ha rona re tla thaba haholo ha Jehova a tsosa bafu. Re tla bona batho ba phetseng mehleng ya kgale jwaloka Abele, Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe, Esthere le Davida. Ba tla sebetsa le rona ho etsa hore lefatshe e be paradeise. Re tla be re na le mosebetsi o mongata o re natefelang.

Jehova o batla hore le wena o phele paradeising. Ha re ntse re tswela pele ho ithuta ka Jehova re tla mo rata le ho feta. E se eka re ka sebetsa ka thata ho dula re le metswalle ya Jehova hona jwale le ka ho sa feleng!

“Jehova, Modimo wa rona, o a tshwaneleha ho amohela kganya le tlhompho le matla, hobane o bopile dintho tsohle.”—Tšenolo 4:11