Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Bakreste-’moho le Rona ba Ratehang:

Re le Lipaki Tsa Jehova, re barapeli ba Jehova ’me re rata Lentsoe la hae, Bibele. Re kholisehile hore e nepahetse litabeng tsa histori. Re ka e tšepa hore e re tataise bophelong ’me ea re bontša hore Jehova o rata batho. (Pesaleme ea 119:105; Luka 1:3; 1 Johanne 4:19) Re batla ho thusa batho hore ba tsebe Bibele haholoanyane. Ke kahoo re le Sehlopha se Busang, re thabileng haholo ho le tsebisa ka buka ena ea “Ithute Lipaleng Tsa Bibele.” E-reng re le bolelle hanyane ka eona.

Ha e le hantle, buka ena e ngolletsoe bana ka ho khetheha. Leha ho le joalo, e ka thusa le batho bohle ba batlang ho ithuta Bibele haholoanyane. Kaha Bibele ke buka e ngolletsoeng motho e mong le e mong, re kholisehile hore e tla thusa motho e mong le e mong ea ithutang eona hore a thabe.

Buka ena e na le lipale tse tsoang Bibeleng tse buang ka batho ho tloha ha lintho li qala ho boptjoa. Lipale tsena li ngotsoe ka tsela e bonolo, e utloahalang le ka tatellano eo li etsahetseng ka eona.

Ha se feela hore buka ena e bua ka lipale tsa Bibele. Tsela eo lipale tsena li ngotsoeng ka eona le litšoantšo tse hlahang bukeng ena li tla etsa hore le thabele ho bala lipale tsena le ho li utloisisa haholoanyane.

Buka ena ea re bontša hore na Bibele e re ho ile ha etsahala’ng ka batho ba ileng ba mamela Molimo le ba sa kang ba mo mamela le hore na re ka ithuta’ng mehlaleng ea bona. (Baroma 15:4; 1 Bakorinthe 10:6) E na le likarolo tse 14. Qalong ea karolo ka ’ngoe, ho akaretsoa lithuto tseo re ka ithutang tsona.

Haeba u motsoali, u ka bala pale ka ’ngoe le ngoana oa hao ebe le hlahloba litšoantšo tse hlahang paleng eo. Hape, le ka bala litemana tsa Bibele tseo pale e thehiloeng ho tsona. Thusa ngoana oa hao ho bona hore na litemana tseo le li balang Bibeleng li amana joang le pale eo le e balang. Re ka sebelisa mokhoa ona ho thusa le motho e moholo hore a utloisise molaetsa oa Bibele.

Re tšepa hore buka ena e tla thusa batho bohle ba batlang ho ithuta Bibele hore ba ithute eona ba be ba sebelise lintho tseo ba ithutileng tsona Bibeleng bophelong ba bona. Ha ba etsa joalo, ba tla khona ho rapela Molimo ’moho le bahlanka ba hae bao a ba ratang.

Barab’abo lona

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova