Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang

Barababo Rona ba Ratehang:

Kaha re rapela Jehova, re rata Lentswe la hae e leng Bibele. Re kgodisehile hore e re bolella histori e nepahetseng, e bile e ka fetola bophelo ba hao, hape e re fa bopaki bo tiileng ba hore Jehova o rata batho. (Pesaleme ya 119:105; Luka 1:3; 1 Johanne 4:19) Ke takatso ya rona ho thusa ba bang hore le bona ba ithute matlotlo a bohlokwa a fumanwang ka Lentsweng la Modimo. E le hore re ka etsa seo, re a thaba hore e be le ka fumana buka ena eo sehlooho sa yona se reng, “A re Ithuteng Bibele.” Re dumelle re ke re re qa! qa! ka buka ena.

Ke nnete hore boholo ba ditaba tse bukeng ena di ngoletswe bana. Empa e ka boela ya thusa le batho ba baholo ba lakatsang ho ithuta ka dintho tse ngata tse ka Bibeleng. Kaha Bibele e ngoletswe batho bohle, ho hlakile hore kaofela ha rona re tla rua molemo ha re hlahloba dithuto tsa yona, e leng se tla re tlisetsa thabo ya nnete bophelong.

Buka ena e nkile ditaba tsa yona Bibeleng mme e qala ditaba ho tloha popong ho ya pele. Ho entswe boiteko bo boholo ba hore ditaba di behwe ka tsela e hlakileng le e bonolo ho latela nako eo di etsahetseng ka yona.

Leha ho le jwalo, buka ena e etsa ho fetang feela ho bolela ditaba tse ka Bibeleng. Empa mongolo wa yona le ditshwantsho di lokisitswe ka tsela ya hore di kgahlise mahlo di be di bontshe hore na batho ba moo ditshwantshong ba ne ba ikutlwa jwang.

Buka ena e re thusa hore re bone hore Bibele e bua ka batho. E bua ka batho ba ileng ba mamela Jehova le ba sa kang ba mo mamela. E etsa hore re ithute dithuto tsa bohlokwa dinthong tseo batho bao ba di entseng. (Baroma 15:4; 1 Bakorinthe 10:6) Buka ena e arotswe ka dikarolo tse 14. Qalong ya karolo ka nngwe ho na le kakaretso ya dithuto tseo ho tla ithutwa ka tsona.

Haeba o motswadi, o ka bala kgaolo le ngwana wa hao e be le buisana ka ditshwantsho tse leng moo. Jwale le ka bala hammoho ditemana tsa Bibele tse leng qetellong ya kgaolo. Thusa ngwana hore a bone ho tshwana ho teng pakeng tsa seo a se balang bukeng le se Bibeleng. O ka etsa se tshwanang esita le haeba o thusa motho e moholo hore a tsebe molaetsa wa Bibele.

Ke takatso ya rona hore buka ena e thuse batho bohle ba dipelo di ntle, ba baholo le ba banyenyane, hore ba ithute dithuto tsa bohlokwa tse fumanehang Lentsweng la Modimo, ba be ba phele ka tsona. Qetellong le bona e ka ba karolo ya lelapa la hae le ratehang.

Barababo lona,

Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova