Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 1

Kenyeletso ya Karolo ya 1

Bibele e qala ka ho re phetela pale ya dintho tse bopilweng, e re bolella ka dintho tse ntle tseo Jehova a di entseng lehodimong le lefatsheng. Haeba o motswadi, thusa ngwana wa hao hore a bone dintho tse ngata tse hlollang tse bopilweng. Mo bolelle hore Modimo o entse motho e le ya phahametseng diphoofolo. Motho yena o tseba ho bua, o tseba ho nahana le ho qapa dintho, o tseba ho bina, hape o tseba le ho rapela. Thusa ngwana wa hao hore a tsebe hore Jehova o matla e bile o bohlale. Hape mo thuse hore a tsebe hore Modimo o rata dintho tsohle tseo a di bopileng—ho akarelletsa le rona kaofela.

KAROLONG ENA

THUTO YA 1

Modimo o Entse Lehodimo le Lefatshe

Bibele e re Modimo o bopile lehodimo le lefatshe. Empa na o a tseba hore Modimo o bopile lengeloi lefe pele a etsa batho kaofela le dintho tse ding kaofela?

THUTO YA 2

Modimo o Bopile Monna wa Pele le Mosadi wa Pele

Modimo o bopile monna wa pele le mosadi wa pele yaba o ba beha serapeng sa Edene. O ne a batla hore ba qale lelapa le ho etsa hore lefatshe lohle e be paradeise.