Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela sa Karolo ea 2

Selelekela sa Karolo ea 2

Ke hobane’ng ha Jehova a ile a felisa batho ka moroallo? Satane o ile a phephetsa tokelo ea Jehova ea ho busa ’me a susumelletsa batho hore ba etse bokhopo. Batho ba bang ba kang Adama, Eva le mora oa bona Kaine ba ile ba khetha ho etsa se fosahetseng. Ba ’maloa ba kang Abele le Noe ba ile ba khetha ho etsa se nepahetseng. Batho ba bangata ba ne ba etsa lintho tse mpe hoo Jehova a ileng a khetha ho ba felisa. Karolong ena re tl’o ithuta hore Jehova o bona lintho tseo re li etsang le hore o tla felisa batho ba etsang lintho tse mpe.

KAROLONG ENA

THUTO EA 3

Adama le Eva ha Baa ka ba Mamela Molimo

Ke’ng e neng e ikhetha ka sefate se neng se le bohareng ba serapa sa Edene? Ke hobane’ng ha Eva a ile a ja tholoana ea sefate?

THUTO EA 4

O Ile a Bolaea Ngoan’abo ka Lebaka la ho Koata

Molimo o ile a amohela sehlabelo sa Abele empa a se ke a amohela sa Kaine. Kaine o ile a koata ha a bona hore Molimo o amohela sehlabelo sa Abele, ’me a etsa ntho e mpe.

THUTO EA 5

Areka ea Noe

Mangeloi a mabe a ile a nyala basali lefatšeng, ’me a ba le bana ba linatla. Ho ne ho tletse ntoa lefatšeng. Ho ne ho tletse ntoa lefatšeng. Empa Noe o ne a lokile a bile a mamela Molimo.

THUTO EA 6

Batho ba Robeli ba Pholoha Moroallo

Pula e ile ea na bosiu le motšehare ka matsatsi a 40. Noe le ba lelapa la hae ba qetile nako e fetang selemo ba le ka arekeng. Qetellong, Molimo a re ba tsoe ka arekeng.