Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 2

Kenyeletso ya Karolo ya 2

Ke hobaneng ha Jehova a ile a fedisa batho ka morwallo? Qalong ho ne ho e na le batho ba lokileng le ba kgopo. Adama, Eva le ngwana wa bona Kaine ba ile ba kgetha ho etsa dintho tse mpe. Ba mmalwa ba kang Abele le Noe ba ile ba kgetha ho etsa dintho tse ntle. Batho ba bangata ba ile ba etsa dintho tse mpe haholo yaba Jehova o a ba fedisa. Karolong ena re tlo ithuta hore Jehova o bona dintho tseo re di etsang ebile o tla fedisa batho ba etsang dintho tse mpe.

KAROLONG ENA

THUTO YA 3

Adama le Eva ha Baa ka ba Mamela Modimo

Keng e neng e ikgetha ka sefate se neng se le bohareng ba serapa sa Edene? Ke hobaneng ha Eva a ile a ja tholwana ya sefate?

THUTO YA 4

Ho Kwata ho Etsa Hore Motho a Bolaye

Modimo o ile a amohela sehlabelo sa Abele empa a se ke a amohela sa Kaine. Ha Kaine a bona hore Modimo o amohela sehlabelo sa Abele, o ile a kwata a ba a etsa ntho e mpe.

THUTO YA 5

Areka ya Noe

Ha mangeloi a kgopo a nyala basadi lefatsheng, a ile a ba le bana ba dinatla. Ho ne ho tletse ntwa lefatsheng. Empa Noe o ne a lokile a bile a mamela Molimo.

THUTO YA 6

Batho ba Robedi ba a Pholoha

Pula e ile ya na matsatsi a 40 bosiu le motshehare. Noe le lelapa la hae ba qetile nako e fetang selemo ba le ka arekeng. Qetellong Modimo a re ba tswe ka arekeng.