Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela sa Karolo ea 3

Selelekela sa Karolo ea 3

Ka mor’a Moroallo, ke batho ba ’maloa feela ba ileng ba sebeletsa Jehova. Abrahama ke e mong oa bona ’me o ne a bitsoa motsoalle oa Jehova. Ke hobane’ng ha a ne a bitsoa motsoalle oa Jehova? Haeba u motsoali, thusa ngoana oa hao ho lemoha hore Jehova oa mo rata ebile o batla ho mo thusa. Re ka etsisa Abrahama le batho ba bang ba tšepahalang, ba kang Lota le Jakobo ka hore re kope thuso ea Jehova ka bolokolohi. Rea tseba hore Jehova o tla re thusa.

KAROLONG ENA

THUTO EA 7

Tora ea Babele

Batho ba ne ba batla ho haha motse o nang le tora e fihlang leholimong. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a ferekanya puo ea bona?

THUTO EA 8

Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Molimo

Ke hobane’ng ha Abrahama le Sara ba ile ba tloha motseng oa Ure ba ea Kanana?

THUTO EA 9

Abrahama le Sara ba ba le Mora

Molimo o ne a tla phethahatsa tšepiso ea hae ho Abrahama joang? Molimo o ne a tla phethahatsa tšepiso ea hae ho Abrahama ka Isaka kapa Ishmaele?

THUTO EA 10

Hopolang Mosali oa Lota

Molimo o ile a etsa hore ho ne mollo le sebabole Sodoma le Gomora. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a felisa metse ee? Ke hobane’ng ha re lokela ho hopola mosali oa Lota?

THUTO EA 11

Abrahama o ne a E-na le Tumelo

Molimo o ile a re ho Abrahama: ‘Ke kōpa hore u nke mora oa hao ea mong u mo etse sehlabelo Thabeng ea Moria.’ Abrahama o ne a tla etsa joang ka teko ee ea tumelo?

THUTO EA 12

Jakobo o Fuoa Lefa

Isaka le Rebeka ba ne ba e na le mafahla a bashanyana, le leng e le Esau, le leng e le Jakobo. Kaha Esau e ne e le lefahla le leholo, ke eena ea neng a lokela ho fuoa lefa la bohlokoa. Ke hobane’ng ha a ile a fana ka lona?

THUTO EA 13

Jakobo le Esau ba Bopa Khotso

Lengeloi le ile la hlohonolofatsa Jakobo joang? O ile a bopa khotso le Esau joang?