Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 3

Kenyeletso ya Karolo ya 3

Dilemong tse latelang Morwallo, Bibele e re ke batho ba mmalwa feela ba ileng ba sebeletsa Jehova. Abrahama e ne e le e mong wa ba ileng ba sebeletsa Jehova, hape e ne e le motswalle wa Jehova. Ke hobaneng ha a ne a bitswa motswalle wa Jehova? Haeba o motswadi, thusa ngwana wa hao hore a tsebe hore Jehova o a mo rata ebile o batla ho mo thusa. Re ka etsisa Abrahama le batho ba bang ba tshepahalang, ba kang Lota le Jakobo, ka hore re kope thuso ya Jehova ka bolokolohi. Re a tseba hore Jehova o tla re thusa.

KAROLONG ENA

THUTO YA 7

Tora ya Babele

Batho ba haha motse le tora e fihlang lehodimong. Ke hobaneng ha Modimo a ile etsa hore batho ba bue dipuo tse sa tshwaneng?

THUTO YA 8

Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Modimo

Ke hobaneng ha Abrahama le Sara ba ile ba tloha motseng wa bona wa Ure yaba ba ya Kanana?

THUTO YA 9

Qetellong ba ba le Mora!

Modimo o ne a tla phethahatsa tshepiso ya hae ho Abrahama jwang? Modimo o ne a tla phethahatsa tshepiso ya hae ho Abrahama ka Isaka kapa Ishmaele?

THUTO YA 10

Hopolang Mosadi wa Lota

Modimo o ile a etsa hore ho ne mollo le sebabole Sodoma le Gomora. Ke hobaneng ha Modimo a ile a fedisa metse ee? Ke hobaneng ha re lokela ho hopola mosadi wa Lota?

THUTO YA 11

Teko ya Tumelo

Modimo o ile a re ho Abrahama: ‘Ke kopa hore o nke mora wa hao ya mong o mo etse sehlabelo Thabeng ya Moria.’ Abrahama o ne a tla etsa jwang ka teko ee ya tumelo?

THUTO YA 12

Jakobo o Fuwa Lefa

Isaka le Rebeka ba ne ba na le mafahla a bashanyana, le leng e le Esau, le leng e le Jakobo. Kaha Esau e ne e le lefahla le leholo, ke yena ya neng a lokela ho fuwa lefa la bohlokwa. Ke hobaneng ha a ile a fana ka lona?

THUTO YA 13

Jakobo le Esau ba Bopa Kgotso

Lengeloi le ile la hlohonolofatsa Jakobo jwang? O ile a bopa kgotso le Esau jwang?