Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela sa Karolo ea 4

Selelekela sa Karolo ea 4

Karolong ena re tl’o bua ka Josefa, Jobo, Moshe le Baiseraele. Kaofela ha bona Diabolose o ile a ba tlisetsa mathata a mangata. Ba bang ba ile ba tšoaroa hampe, ba koalloa teronkong, ea e-ba makhoba ’me ba bang ba bolaoa. Empa Jehova o ile a ba sireletsa ka litsela tse sa tšoaneng. Thusa ngoana oa hao ho utloisisa hore le hoja bahlanka bana ba Jehova ba ile ba tobana le mathata, ha baa ka ba felloa ke tumelo.

Jehova o ile a sebelisa Likotlo Tse Leshome ho bontša hore o matla ho feta melimo eohle ea Egepeta. Mo bontše kamoo Jehova a ileng a sireletsa bahlanka ba hae nakong e fetileng le kamoo a ba sireletsang kateng kajeno.

KAROLONG ENA

THUTO EA 14

Lekhoba le Ileng la Mamela Molimo

Josefa o ile a etsa se nepahetseng, empa a ’na a ba le mathata. Hobane’ng?

THUTO EA 15

Jehova ha aa ka a Lebala Josefa

Le hoja Josefa a ne a le hole le ba lelapa labo, Molimo ha aa ka a mo lebala.

THUTO EA 16

Jobo e ne e le Mang?

O ile a mamela Jehova le ha ho ne ho le thata.

THUTO EA 17

Moshe o Khetha ho Sebeletsa Jehova

Lesea Moshe le ile la pholosoa ke ’mè oa lona.

THUTO EA 18

Sehlahla se Tukang

Ke hobane’ng ha mollo o ne o sa chese sehlahla se tukang?

THUTO EA 19

Likotlo Tse Tharo Tse Qalang

Faro o ile a tlisetsa batho ba hae tlokotsi hobane ka boikhohomoso o ile a hana ho mamela taelo e le ’ngoe feela e bonolo.

THUTO EA 20

Likotlo Tse Ling Tse Tšeletseng

Likotlo tsee li ne li fapane joang le tse tharo tse tlileng pele ho tsona?

THUTO EA 21

Kotlo ea Leshome

Kotlo ena e ne e le bohloko hoo Faro oa moikhohomosi a ileng a qetella a lokolotse Baiseraele.

THUTO EA 22

Ho Etsahala Mohlolo Leoatleng le Lefubelu

Le hoja Faro a ile a phonyoha likotlong tse leshome, na o ile a phonyoha Leoatleng le Lefubelu?