Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 4

Kenyeletso ya Karolo ya 4

Karolong ena re tlo bua ka Josefa, Jobo, Moshe le Baiseraele. Kaofela ha bona Diabolose o ile a ba tlisetsa mathata a mangata. Ba bang ba ile ba tshwarwa hampe, ba kwallwa teronkong, ya e ba makgoba, mme ba bang ba bolawa. Empa Jehova o ile a ba sireletsa ka ditsela tse sa tshwaneng. Haeba o motswadi, thusa ngwana ho utlwisisa hore le hoja bahlanka bana ba Jehova ba ile ba tobana le mathata, ha ba a ka ba fellwa ke tumelo.

Jehova o ile a sebedisa Dikotlo Tse Leshome ho bontsha hore o matla ho feta medimo yohle ya Egepeta. Mo bontshe kamoo Jehova a ileng a sireletsa bahlanka ba hae nakong e fetileng le kamoo a ba sireletsang kateng kajeno.

KAROLONG ENA

THUTO YA 14

Lekgoba le Ileng la Mamela Modimo

Josefa o ile a etsa se nepahetseng, empa a nna a ba le mathata. Hobaneng?

THUTO YA 15

Jehova ha aa ka a Lebala Josefa

Le hoja Josefa a ne a le hole le ba lelapa labo, Modimo ha aa ka a mo lebala.

THUTO YA 16

Jobo e ne e le Mang?

O ile a mamela Jehova le ha ho ne ho le thata.

THUTO YA 17

Moshe o Kgetha ho Sebeletsa Jehova

Lesea Moshe le ile la pholoswa ke mme wa lona.

THUTO YA 18

Sehlahla se Tukang

Ke hobaneng ha mollo o ne o sa tjhese sehlahla se tukang?

THUTO YA 19

Dikotlo Tsa Pele Tse Tharo

Faro o ile a tlisetsa batho ba hae tlokotsi hobane ka boikgohomoso o ile a hana ho mamela taelo e le nngwe feela e bonolo.

THUTO YA 20

Dikotlo Tse Ding Tse Tsheletseng

Dikotlo tsee di ne di fapane jwang le tse tharo tse tlileng pele ho tsona?

THUTO YA 21

Kotlo ya Leshome

Kotlo ena e ne e le bohloko hoo Faro wa moikgohomosi a ileng a qetella a lokolotse Baiseraele.

THUTO YA 22

Ho Etsahala Mohlolo Lewatleng le Lefubedu

Le hoja Faro a ile a phonyoha dikotlong tse leshome, na o ile a phonyoha Lewatleng le Lefubedu?