Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 5

Kenyeletso ya Karolo ya 5

Dikgwedi tse pedi ka mora hore Baiseraele ba tshele Lewatle le Lefubedu, ba ile ba fihla Thabeng ya Sinai. Ha ba le moo, Jehova o ile a etsa selekane le bona sa hore ke setjhaba sa hae se kgethehileng. O ile a ba sireletsa, a ba hlokomela ka sohle seo ba se hlokang, a ba fa manna, diaparo le sebaka se sireletsehileng. Haeba o motswadi, thusa ngwana hore a utlwisise lebaka le entseng hore Jehova a fe Baiseraele Molao, a ba laele hore ba etse tabernakele le ho kgetha baprista. Mo bontshe bohlokwa ba ho phetha seo re se tshepisitseng, ba ho dula re ikokobeditse le ba ho tshepahala ho Jehova.

KAROLONG ENA

THUTO YA 23

Ba re ba Tla Mamela Jehova

Ha Baiseraele ba le Thabeng ya Sinai, ba ile ba tshepisa Modimo hore ba tla mamela melao ya hae.

THUTO YA 24

Ha ba Etse Seo ba se Tshepisitseng

Ha Moshe a ntse a fuwa Melao e Leshome, Baiseraele ba ile ba etsa phoso e kgolo.

THUTO YA 25

Tabernakele ya Borapedi

Ka tenteng ena e ikgethang ho ne ho e na le areka ya selekane.

THUTO YA 26

Dihlwela Tse 12

Joshua le Kalebe ba ile ba bua se fapaneng le dihlwela tse ding tse leshome.

THUTO YA 27

Ba Ile ba Fetohela Jehova

Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba hloleha ho ithuta ntlha ya bohlokwa ka Jehova.

THUTO YA 28

Tonki ya Balame e ya Bua

Tonki e ile ya bona motho empa Balame a sa mo bone.