Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 6

Kenyeletso ya Karolo ya 6

Ha Baiseraele ba fihla Naheng e Tshepisitsweng, ba ne ba rapela tabernakeleng. Baprista ba ne ba ruta Molao, mme baahlodi ba tataisa setjhaba. Karolong ena re tlo bona kamoo diqeto tseo re di etsang di re amang le kamoo di amang ba bang kateng. Moiseraele ka mong o ne a ikarabella ho Jehova le ho ba habo. Re tlo bona kamoo Debora, Naomi, Joshua, Anna, moradi wa Jafeta le Samuele ba ileng ba susumetsa batho ba bang kateng. Esita le batho ba bang bao e neng e se Baiseraele, ba kang Rahaba, Ruthe, Jaele le Bagibeone ba ile ba kgetha ho ema le Baiseraele hobane ba tseba hore Modimo o na le bona.

KAROLONG ENA

THUTO YA 29

Jehova o Kgetha Joshua

Modimo o ile a fa Joshua ditaelo tse ka re thusang le rona kajeno.

THUTO YA 30

Rahaba o Pata Dihlwela

Marako a Jeriko a wa. Empa ntlo ya Rahaba ha e we, le hoja e ne e itshetlehile ka lerako.

THUTO YA 31

Joshua le Bagibeone

Joshua o ile a rapela Modimo a re: “Letsatsi ha le eme!” Na Modimo o ile a mo araba?

THUTO YA 32

Moetapele e Motjha le Basadi ba Babedi ba Sebete

Kamora hore Joshua a shwe, Baiseraele ba ile ba qala ho rapela medimo ya ditshwantsho. Ba ile ba phela ka thata, empa ba lopollwa ke Moahlodi Barake, moprofeta ya bitswang Debora le Jaele ya ileng a kokotela Sisera hloohong ka tshepe ya tente!

THUTO YA 33

Ruthe le Naomi

Basadi ba babedi ba neng ba shwetswe ke banna ba ile ba kgutlela Iseraele. E mong wa basadi bao, e leng Ruthe, o ile a ya masimong mme ha a le moo Boaze a mo hlokomela.

THUTO YA 34

Gideone o Hlola Bamidiane

Batho ba Jehova ba ile ba mo kopa hore a ba thuse hobane Bamidiane ba ne ba ba phedisa habohloko. Masole a Gideone a 300 a ile a hlola dira tsa ona tse 135 000 jwang?

THUTO YA 35

Anna o Rapella ho ba le Mora

Elkana o ya tabernakeleng Shilo le Anna, Penina le bana ho ya rapela. Ha ba le moo, Anna o rapella mora. Selemo hamorao, Samuele o a hlaha!

THUTO YA 36

Tshepiso ya Jafeta

Jafeta o ile a tshepisa Jehova eng, hona hobaneng? Moradi wa Jafeta o ile a reng ha a utlwa tshepiso ya ntate wa hae ho Jehova?

THUTO YA 37

Jehova o Bua le Samuele

Bara ba Moprista ya phahameng Eli ba ne ba sebeletsa tabernakeleng e le baprista, empa ba sa hlomphe melao ya Modimo. Samuele o ne a fapane le bona le hoja a ne a le monyenyane, mme Jehova o ile a bua le yena.

THUTO YA 38

Jehova o fa Samsone Matla

Modimo o fa Samsone matla a hore a lwantshe Bafilista, empa Bafilista ba a mo tshwara ka mora hore a etse qeto e fosahetseng.