Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 7

Kenyeletso ya Karolo ya 7

Karolong ena re tla bua ka histori ya Morena Saule le Morena Davida, e qetileng lilemo tse 80. Qalong, Saule o ne a ikokobeditse ebile a mamela Jehova, empa ha nako e ntse e ya, a fetoha yaba ha a sa mamela Jehova. Kahoo, Jehova a re Samuele a tlotse Davida hore e be morena e motjha wa Iseraele. Saule o ne a e na le mona, kahoo a leka ka makgetlo ho bolaya Davida, empa Davida ha aa ka a iphetetsa. Mora wa Saule ya bitswang Jonathane o ne a tseba hore Davida o kgethilwe ke Jehova, kahoo a rata Davida. Davida o ile a etsa dibe tse tebileng leha ho le jwalo ha aa ka a kwata ha Jehova a mo kgalemela. Haeba o motswadi, thusa ngwana hore a bone bohlokwa ba ho mamela Jehova.

KAROLONG ENA

THUTO YA 39

Morena wa Pele wa Iseraele

Modimo o ne a behile baahlodi hore ba etelle Baiseraele pele, empa bona ba re ba batla morena. Samuele o tlotsa Saule hore ebe morena wa pele, empa hamorao Jehova o lahla Saule. Hobaneng?

THUTO YA 40

Davida le Goliathe

Jehova o kgetha Davida hore e be yena morena ya hlahlamang Saule, mme Davida o a bontsha hore na ke hobaneng ha a kgethuwe.

THUTO YA 41

Davida le Saule

Ke hobaneng ha monna e mong a hloile e mong? Ya hloilweng o etsang?

THUTO YA 42

Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tshepahala

Mora wa morena e ne e le motswalle wa hlooho ya kgomo le Davida.

THUTO YA 43

Morena Davida o Etsa Sebe

Qeto e fosahetseng e tlisa mathata a mangata.