Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela sa Karolo ea 8

Selelekela sa Karolo ea 8

Jehova o ile a hlohonolofatsa Solomone, a mo fa bohlale bo boholo le tokelo ea ho haha tempele. Empa butle-butle Solomone o ile a furalla Jehova. Haeba u motsoali, hlalosetsa ngoana oa hao hore na batho ba rapelang melimo ea bohata ba ile ba khelosa Solomone joang. ’Muso oa hae o ile oa aroloa ’me marena a mabe a etsa hore sechaba se fetohele Molimo. Eaba se qala ho rapela litšoantšo. Ka nako eo, baprofeta ba bangata ba tšepahalang ba Jehova ba ile ba hlorisoa le ho bolaoa. Mofumahali Jezebele o ile a etsa hore ’muso o ka leboea o fetohele Molimo le ho feta. Eo e ne e le nako e bosula ho Baiseraele. Empa ho ne ho ntse ho e-na le bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Jehova ba akareletsang Morena Josafate le moprofeta Elia.

KAROLONG ENA

THUTO EA 44

Tempele ea Jehova

Molimo o ile a araba thapelo ea Morena Solomone ’me a mo fa lintho tse ngata.

THUTO EA 45

’Muso oa Aroloa

Baiseraele ba bangata ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova.

THUTO EA 46

Baiseraele Thabeng ea Karmele

Molimo oa ’nete ke mang? Na ke Jehova kapa Baale?

THUTO EA 47

Jehova o Matlafatsa Elia

Na u nahana hore le uena a ka u matlafatsa?

THUTO EA 48

Mora oa Mohlolohali o Tsosoa Bafung

Mehlolo e ’meli ka tlung e le ngoe

THUTO EA 49

Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo

Jezebele o rera ho bolaea Moiseraele ea bitsoang Nabothe e le hore feela a utsoe tšimo ea hae ea morara. Jehova o ne a ntse a bona lintho tse khopo tseo a li etsang.

THUTO EA 50

Jehova o Sireletsa Josafate

Morena Josafate ea molemo o rapela Molimo ha lichaba tsa lireng li rera ho hlasela Juda.