Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 8

Kenyeletso ya Karolo ya 8

Jehova o ile a hlohonolofatsa Solomone a mo fa bohlale bo boholo le tokelo ya ho haha tempele. Empa butlebutle Solomone o ile a furalla Jehova. Haeba o motswadi, hlalosetsa ngwana hore barapedi ba medimo ya bohata ba ile ba kgelosa Solomone. Mmuso wa hae wa arolwa mme marena a mabe a etsa hore setjhaba se fetohele Modimo yaba se qala ho rapela medimo ya ditshwantsho. Ka nako eo, baprofeta ba bangata ba tshepahalang ba Jehova ba ile ba hloriswa le ho bolawa. Mofumahadi Jezebele o ile a etsa hore mmuso o ka leboya o fetohele Modimo le ho feta. Eo e ne e le nako e bosula ho Baiseraele. Empa ho ne ho ntse ho e na le bahlanka ba bangata ba tshepahalang ba Jehova, ho akarelletsa Morena Josafate le moprofeta Elia.

KAROLONG ENA

THUTO YA 44

Tempele ya Jehova

Modimo o arabela thapelo ya Morena Solomone mme o a mo hlohonolofatsa.

THUTO YA 45

Mmuso o a Arolwa

Baiseraele ba bangata ba ha ba sa sebeletsa Jehova.

THUTO YA 46

Teko Thabeng ya Karmele

Modimo wa nnete ke mang? Jehova kapa Baale?

THUTO YA 47

Jehova o Matlafatsa Elia

Na le wena a ka o matlafatsa?

THUTO YA 48

Mora wa Mohlolohadi o Tsoswa Bafung

Ho etsahala mehlolo e mmedi ntlong e le nngwe!

THUTO YA 49

Mofumahadi ya Kgopo o Fuwa Kotlo

Jezebele o rera ho bolaya Nabothe e le hore feela a utswe tshimo ya hae ya morara! Jehova o ne a ntse a bona dintho tse kgopo tseo a di etsang.

THUTO YA 50

Jehova o Sireletsa Josafate

Morena Josafate ya molemo o rapela Modimo ha ditjhaba tsa direng di rera ho hlasela Juda.