Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela sa Karolo ea 9

Selelekela sa Karolo ea 9

Karolong ena re tl’o ithuta ka bacha, baprofeta le marena a ileng a bontša ka tsela e ikhethang hore a tšepa Jehova. Naheng ea Syria, ho ne ho e-na le ngoananyana oa Moiseraele ea neng a lumela hore moprofeta oa Jehova a ka folisa Naamane. Moprofeta Elisha o ne a tšepa ka ho feletseng hore Jehova o tla mo sireletsa ho ba lireng. Moprista ea Phahameng Jehojada o ile a ipeha kotsing e le hore a sireletse Joase ho nkhono oa hae ea khopo ea bitsoang Athalia. Morena Ezekiase o ne a lumela hore Jehova o tla sireletsa Jerusalema. Kahoo, a hana ho inehela ho Baassyria. Morena Josiase o ile a felisa borapeli ba litšoantšo naheng ea habo, a tsosolosa tempele ’me a thusa sechaba sa habo hore se khutlele borapeling ba ’nete.

KAROLONG ENA

THUTO EA 51

Naamane le Ngoanana oa Moiseraele

Ngoanana oa Moiseraele o bolella mong’a hae hore Jehova o na le matla a ho etsa mehlolo.

THUTO EA 52

Lebotho le Matla la Jehova

Mohlanka oa Elisha o ile a bona hore ‘ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.’

THUTO EA 53

Jehojada o Bontša Hore o Sebete

Moprista ea tšepahalang o hanyetsa mofumahali ea khopo.

THUTO EA 54

Jehova o Ile a Mamella Jonase

Ho tlile joang hore moprofeta e mong oa Molimo a koenngoe ke tlhapi e khōlō? O ile a tsoa joang ka ho eona? Jehova o ile a mo ruta thuto efe ea bohlokoa?

THUTO EA 55

Lengeloi la Jehova le Sireletsa Ezekiase

Lira tsa Bajuda li ne li re Jehova a ke ke a sireletsa batho ba hae, empa li ne li fositse!

THUTO EA 56

Josiase o ne a Rata Molao oa Molimo

Josiase e ile ea e-⁠ba morena ha a le lilemo li robeli, ’me a thusa batho ba habo hore ba rapele Jehova.