Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 9

Kenyeletso ya Karolo ya 9

Karolong ena re tla ithuta ka batho ba akarelletsang batjha, baprofeta le marena, ba ileng ba bontsha ka tsela e ikgethang hore ba tshepa Jehova. Ho ne ho e na le ngwanana wa Moiseraele ya neng a dula Syria. O ne a dumela hore moprofeta wa Jehova a ka fodisa Naamane. Moprofeta Elisha o ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo sireletsa ho ba direng. Moprista ya phahameng Jehojada o ile a ipeha kotsing e le hore a sireletse Joase ho nkgono wa hae ya kgopo ya bitswang Athalia. Morena Ezekiase o ne a dumela hore Jehova o tla sireletsa Jerusalema, kahoo a hana ho inehela ho Baassyria. Morena Josiase o ile a fedisa borapedi ba ditshwantsho naheng ya habo, a tsosolosa tempele mme a thusa setjhaba sa habo hore se kgutlele borapeding ba nnete.

KAROLONG ENA

THUTO YA 51

Naamane le Ngwanana wa Moiseraele

Ngwanana wa Moiseraele o bolella monga hae hore Jehova o na le matla a ho etsa mehlolo.

THUTO YA 52

Lebotho le Matla la Jehova

Mohlanka wa Elisha o ile a bona hore ‘ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le bona.’

THUTO YA 53

Jehojada o Bontsha Hore o Sebete

Moprista ya tshepahalang o hanyetsa mofumahadi ya kgopo.

THUTO YA 54

Jehova o ile a Mamella Jonase

Ho tlile jwang hore tlhapi e kgolo e kwenye moprofeta e mong wa Modimo? O ile a tswa jwang ka ho yona? Jehova o ile a mo ruta thuto efe ya bohlokwa?

THUTO YA 55

Lengeloi la Jehova le Sireletsa Ezekiase

Dira tsa Bajuda di ne di re Jehova a ke ke a sireletsa batho ba hae, empa di ne di fositse!

THUTO YA 56

Josiase o ne a Rata Molao wa Modimo

Josiase e ile ya e ba morena ha a le dilemo di robedi, mme a thusa batho ba habo hore ba rapele Jehova.