Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela sa Karolo ea 10

Selelekela sa Karolo ea 10

Jehova ke Morena ea matla ’ohle. Haesale e le eena ea laolang lintho ’me o tla lula a li laola. Ka mohlala, o ile a pholosa Jeremia hore a se ke a shoella ka sekoting sa seretse. O ile a sireletsa Shadrake, Meshake le Abednego hore ba se ke ba shoella ka seboping sa mollo a ba a pholosa Daniele hore a se ke a bolaoa ke litau. Jehova o ile a sireletsa Esthere e le hore a ka pholosa batho ba habo. A ke ke a lumella hore bokhopo bo ’ne bo tsoele pele ka ho sa feleng. Boprofeta ba setšoantšo se seholo le sefate se seholo bo bontša hore Jehova o tla felisa bokhopo bohle bo teng lefatšeng ha ’Muso oa hae o se o le teng ’me o tla busa lefatše.

 

KAROLONG ENA

THUTO EA 57

Jehova o Roma Jeremia ho ea Ruta Batho

Seo moprofeta ea monyane a ileng a se bua se ile sa halefisa baeta-pele ba sechaba.

THUTO EA 58

Jerusalema ea Timetsoa

Jehova o lahla batho ba Juda le Jerusalema hobane ba tsoela-pele ho rapela melimo ea bohata.

THUTO EA 59

Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova

Bajuda ba Nyane ba ikemiselitse ho lula ba tšepahala ho Jehova,le ha ba se bale lekhotleng la borena la Nebukadnezare Babylona.

THUTO EA 60

’Muso o Tla Lula o le Teng

Daniele o hlalosa se boleloang ke toro ea Nebukadnezare e makatsang.

THUTO EA 61

Ba Ile ba Hana ho se Khumamela

Shadrake, Meshake, le Abednego ba hana ho rapela setšoantšo sa morena oa Babylona sa khauta.

THUTO EA 62

’Muso o Tšoana le Sefate se Seholo

Toro ea Nebukadnezare e bua ka bokamoso ba hae esale pele.

THUTO EA 63

Mongolo Leboteng

Mongolo oo o makatsang o bonahala neng ’me o bolelang?

THUTO EA 64

Daniele ka Sekoting sa Litau

Rapela Jehova kamehla, feela joalokaha Daniele a ile a etsa!

THUTO EA 65

Esthere o Pholosa Batho ba Habo

Lehoja e ne ele molichaba, ebile e le khutsana o ile a qetella ele mofumahali.

THUTO EA 66

Esdrase o ba Ruta Molao oa Molimo

Ka mor’a hore Baiseraele ba mamele Esdrase, ba ile ba etsetsa tšepiso e khethehileng.

THUTO EA 67

Marako a Jerusalema

Nehemia o ile a tseba hore lira tsa Baiseraele li rera ho hlasela. Ke hobane’ng ha a ne a sa tšoha?