Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 10

Kenyeletso ya Karolo ya 10

Jehova ke Morena hodima tsohle. Esale e le yena ya laolang dintho, mme o tla tswela pele a ntse a di laola. Ka mohlala, o ile a pholosa Jeremia sekoting seo a neng a lahletswe hore a shwele ho sona. O ile a pholosa Shadrake, Meshake le Abednego seboping sa mollo hape a pholosa Daniele melomong ya ditau. Jehova o ile a sireletsa Esthere e le hore a ka boloka setjhaba kaofela. A ke ke a dumella bokgopo hore bo tswele pele bo le teng ka ho sa feleng. Boprofeta ba setshwantsho se seholo le ba difate tse kgolohadi bo tiisa hore haufinyane Mmuso wa Jehova o tla busa lefatshe hape o fedise bokgopo.

KAROLONG ENA

THUTO YA 57

Jehova o Roma Jeremia ho ya Bolela

Seo Jeremia a ileng a se bua se ile sa etsa hore baholo ba kwate.

THUTO YA 58

Jerusalema e a Timetswa

Jehova o lahla batho ba Juda hobane ba tswela pele ho rapela medimo ya bohata.

THUTO YA 59

Bashanyana ba Bane ba ileng ba Mamela Jehova

Bajuda ba banyenyane ba ikemiseditse ho dula ba tshepahala ho Jehova, esita le ha ba le lekgotleng la borena la Babylona.

THUTO YA 60

Mmuso o Tla Dula o le Teng

Daniele o hlalosa se bolelwang ke toro e makatsang ya Nebukadnezare.

THUTO YA 61

Ba ile ba Hana ho Kgumamela Setshwantsho

Shadrake, Meshake le Abednego ba hana ho rapela setshwantsho sa kgauta sa morena wa Babylona.

THUTO YA 62

Mmuso o Tshwana le Sefate se Seholo

Toro ya Nebukadnezare e bua ka se tla etsahala ho yena.

THUTO YA 63

Mongolo Leboteng

Mongolo oo o makatsang o hlaha neng, mme o bolelang?

THUTO YA 64

Daniele ka Sekoting sa Ditau

Rapela Jehova letsatsi le leng le le leng, jwaloka Daniele!

THUTO YA 65

Esthere o Pholosa Batho ba Habo

Le hoja a ne a tswa naheng e nngwe e le kgutsana, e ile ya e ba mofumahadi.

THUTO YA 66

Esdrase o Ruta Batho Molao wa Modimo

Ka mora hore Baiseraele ba mamele Esdrase, ba ile ba etsa tshepiso e kgethehileng ho Modimo.

THUTO YA 67

Marako a Jerusalema

Nehemia o ile a tseba hore dira di batla ho ba lwantsha. Ke hobaneng ha a ne a sa tshoha?