Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela sa Karolo ea 12

Selelekela sa Karolo ea 12

Jesu o ne a ruta batho ka ’Muso oa Molimo, a boela a ba ruta hore ba rapelle hore lebitso la Molimo le halaletsoe, ’Muso oa hae o tle le hore thato ea hae e etsahale lefatšeng. Hlalosetsa ngoana oa hao seo thapelo ena e se bolelang ho rona. Jesu ha aa ka a lumella hore Satane a mo sitise ho tšepahala. Jesu o ile a qala ka ho khetha baapostola ba hae hore e be marena ’Musong oa Molimo. Thusa ngoana hore a bone kamoo Jesu a neng a rata borapeli ba ’nete kateng. Jesu o ne a folisa batho ba kulang, a fepa ba lapileng a bile a tsosa bafu hobane a rata ho thusa batho. Lintho tsena li ne li bontša seo ’Muso oa Molimo o tla se etsetsa batho nakong e tlang.

KAROLONG ENA

THUTO EA 74

Jesu e E-⁠ba Mesia

What does John mean by saying that Jesus is the Lamb of God?

THUTO EA 75

Diabolose o Leka Jesu

Diabolose o Leka Jesu ka Makhetlo a Mararo. O ile a mo leka joang? Jesu o ile a mo araba joang?

THUTO EA 76

Jesu o Hloekisa Tempele

Ke hobane’ng ha Jesu a etsa sephali ka liropo ho leleka batho ba rekisang?

THUTO EA 77

Jesu o Bua le Mosali Selibeng

Mosali oa Mosamaria o maketse hore Jesu o bua le eena. Hobane’ng? Ke’ng seo Jesu a ileng a mo bolella sona seo a neng a so se bolelle mang kapa mang?

THUTO EA 78

Jesu o Ruta ka ’Muso oa Molimo

Jesu o mema barutuoa ba hae ho ba “batšoasi ba batho.” Hamorao, o koetlisa balateli ba hae ba 70 ho bolela litaba tse molemo.

THUTO EA 79

Jesu o Etsa Mehlolo e Mengata

Hohle moo Jesu a eang teng, batho ba kulang ba tla ho eena hore a ba thuse, ’me oa ba folisa. Ebile o tsosa ngoananyana ea monyane bafung.

THUTO EA 80

Jesu o Khetha Baapostola ba 12

Ke hobane’ng ha a ba khetha? Na o hopola mabitso a bona?

THUTO EA 81

Thuto ea Thabeng

Jesu o ruta batho lithuto tsa bohlokoa.

THUTO EA 82

Jesu o Ruta Barutuoa ba Hae ho Rapela

Jesu o ile a re barutuoa ba hae ‘ba ’ne ba kope’ lintho tse kang life?

THUTO EA 83

Jesu o Fepa Batho ba Likete

Mohlolo oo o re ruta’ng ka Jesu le Jehova?

THUTO EA 84

Jesu o Tsamaea Holim’a Metsi

U nahana hore baapostola ba ile ba ikutloa joang ha ba bona mohlolo oo?

THUTO EA 85

Jesu o Folisa Motho ka Sabatha

Ke hobane’ng ha batho ba sa rate ntho eo a e etsang?

THUTO EA 86

Jesu o Tsosa Lazaro

Ha Jesu a bona Maria a lla, le eena oa lla. Empa ho e-⁠s’o ee kae, baa thaba.