Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyeletso ya Karolo ya 12

Kenyeletso ya Karolo ya 12

Jesu o ne a ruta batho ka Mmuso wa Modimo. A boela a ba ruta hore ba rapelle hore lebitso la Modimo le halaletswe, Mmuso wa hae o tle le hore thato ya hae e etsahale lefatsheng. Haeba o motswadi, hlalosetsa ngwana seo thapelo ena e se bolelang ho rona. Jesu ha aa ka a dumella hore Satane a mo sitise ho tshepahala. Jesu o ile a qala ka ho kgetha baapostola ba hae hore e be marena Mmusong wa Modimo. Hokomela kamoo Jesu a neng a tjhesehella borapedi ba nnete kateng. Jesu o ne a fodisa batho ba kulang, a fepa ba lapileng a bile a tsosa bafu hobane a rata ho thusa batho. Dintho tsena di ne di bontsha seo Mmuso wa Modimo o tla se etsetsa batho nakong e tlang.

KAROLONG ENA

THUTO YA 74

Jesu e ba Mesia

Johanne o bolelang ha a re Jesu ke Konyana ya Modimo?

THUTO YA 75

Diabolose o Leka Jesu

Diabolose o ile a leka Jesu ka makgetlo a mararo. O ile a mo leka jwang? Jesu o ile a etsang?

THUTO YA 76

Jesu o Hlwekisa Tempele

Ke hobaneng ha Jesu a tebela diphoofolo tempeleng le ho phetola ditafole tsa batho ba rekisang?

THUTO YA 77

Jesu o Bua le Mosadi Sedibeng

Ke hobaneng ha mosadi wa Mosamaria ya neng a le sedibeng sa Jakobo a ile a makala ha Jesu a bua le yena? Jesu o ile a mo bolellang eo a sa kang a e bolella batho ba bang?

THUTO YA 78

Jesu o Ruta ka Mmuso wa Modimo

Jesu o mema balatedi ba bang ba hae hore e be ‘batshwasi ba batho.’ Ha morao, o ruta balatedi ba hae ba 70 ho bolela ditaba tse molemo.

THUTO YA 79

Jesu o Etsa Mehlolo e Mengata

Hohle moo a yang, batho ba kulang ba tla ho yena ho kopa thuso mme o a ba fodisa. O ile a ba a tsosa ngwanana bafung.

THUTO YA 80

Jesu o Kgetha Baapostola ba 12

Ke hobaneng ha a ba kgetha? Na o hopola mabitso a bona?

THUTO YA 81

Thuto ya Thabeng

Jesu o ruta dithuto tsa bohlokwa bathong ba bokaneng.

THUTO YA 82

Jesu o Ruta Barutuwa ba Hae ho Rapela

Ke dintho dife tseo Jesu a reng balatedi ba hae ba nne ba di kope?

THUTO YA 83

Jesu o Fepa Batho ba Bangata

Mohlolo oo o re rutang ka Jesu le Jehova?

THUTO YA 84

Jesu o Tsamaya Hodima Metsi

O nahana hore baapostola ba ne ba ikutlwa jwang ha ba bona mohlolo oo?

THUTO YA 85

Jesu o Fodisa Motho ka Sabatha

Ke hobaneng ha e se batho bohle ba thabileng ka seo a se etsang?

THUTO YA 86

Jesu o Tsosa Lazaro

Ha Jesu a bona Maria a lla, le yena o a lla. Empa ba ile ba boela ba thaba.