Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela sa Karolo ea 14

Selelekela sa Karolo ea 14

Bakreste ba mehleng ea Jesu ba ne ba ruta batho Lentsoe la Molimo, esita le ba lulang libakeng tse hole. Jesu o ile a ba bolella hore na ba rute batho Lentsoe la Molimo libakeng life. Hape, ka mohlolo a etsa hore ba bue lipuo tsa batho bao ba ba rutang. Jehova o ile a ba thusa hore ba be sebete leha ba hlorisoa.

Jesu o ile a bontša Johanne khanya ea Jehova torong. Torong e ’ngoe o ile a bona ’Muso oa Molimo o felisa puso ea Satane. Johanne o ile a bona Jesu e le Morena ’me a e-na le ba 144 000 ba tla busa le eena. Johanne o ile a boela a bona ha lefatše lohle e e-ba paradeise ’me batho bohle ba rapela Jehova ka khotso.

KAROLONG ENA

THUTO EA 94

Barutuoa ba Fuoa Moea o Halalelang

Ho ile ha etsahala mohlolo ofe ka mor’a hore barutuoa ba fuoe moea o halalelang?

THUTO EA 95

Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang

Baruti ba ileng ba bolaea Jesu ba batla ho sitisa barutuoa ba Jesu ho ruta batho lentsoe la Molimo. Empa ba ke ke ba atleha.

THUTO EA 96

Jesu o Khetha Saule

Saule o hloile Bakreste hampe. Empa haufinyane o tl’o fetoha

THUTO EA 97

Korneliase o Fuoa Moea o Halalelang

Ke hobane’ng ha Molimo a roma Petrose ntlong ea motho eo eo e seng Mojuda?

THUTO EA 98

Batho ba Lichaba Tse Ngata e E-ba Bakreste

Moapostola Pauluse le batho bao a neng a tsamaea le bona ba ile ba bolela litaba tse molemo libakeng tse ngata.

THUTO EA 99

Molebeli oa Teronko o Ithuta Bibele

Ke hobane’ng ha Pauluse le Silase ba ile ba koalloa teronkong? Molebeli oa teronko o ile a ithuta lentsoe la Molimo joang?

THUTO EA 100

Pauluse le Timothea

Ba ile ba sebetsa ’moho ebile e le metsoalle ka nako e telele.

THUTO EA 101

Pauluse o Isoa Roma

Ba ne ba le kotsing e kholo, empa Pauluse ha aa ka a khathalloa ke pere.

THUTO EA 102

Lintho Tseo Johanne a li Boneng

Jesu o ile a mo bontša lintho tse neng li tla etsahala.

THUTO EA 103

“ ’Muso oa Hao o ke o Tle”

Lintho tseo Johanne a li boneng li bontša mahlohonolo ao ’Muso oa Molimo o tla a tlisa lefatšeng.