Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 10

Rorisang Jehova, Modimo wa Rona!

Rorisang Jehova, Modimo wa Rona!

(Pesaleme ya 145:12)

  1. 1. Rorisang Jehova Mmopi!

    Tsebahatsang bitso la hae!

    Lemosang Ka tsa tsi la hae,

    Hoba jwale le atametse!

    Jehova o re jwale ke nako,

    Ya hore Kreste a buse.

    Tsebisang bohle ditaba tsena

    Tsa tlhonolofatso ya Jah!

    (CHORUS)

    Rorisang! Jehova Mmopi!

    Tsebahatsang boholo ba hae!

  2. 2. Rorisang! Jehova Mmopi!

    Le roke lebitso la hae!

    Ka pelo tse nyakaletseng

    Le phatlalatse kganya ya hae.

    O moholo ebile o matla,

    Empa o re hlokometse.

    O mohau ebile o mosa;

    O re fa seo re se hlokang.

    (CHORUS)

    Rorisang! Jehova Mmopi!

    Tsebahatsang boholo ba hae!