PINA EA 21
Le ’Ne le Batle ’Muso Pele
-
1. Jehova o rata toka.
Kahoo o tlisa ’Muso,
Moren’a oona ke Kreste,
O tla lokisa tsohle.
(K’HORASE)
Batlang ’Muso oa Jehova
Le ho loka ha ’Mopi.
Le mo roriseng lichabeng
’Me le mo tšepahalleng.
-
2. Hobane’ng re tšoenyehile
Ka ho ja kapa ho noa?
Jah o tla re hlokomela.
Re batle ’Muso pele.
(K’HORASE)
Batlang ’Muso oa Jehova
Le ho loka ha ’Mopi.
Le mo roriseng lichabeng
’Me le mo tšepahalleng.
-
3. Bolelang taba tsa ’Muso.
Le thuse ba mamelang
Hore ba tšepe Jehova,
Ba tšepe ’Muso oa hae.
(K’HORASE)
Batlang ’Muso oa Jehova
Le ho loka ha ’Mopi.
Le mo roriseng lichabeng
’Me le mo tšepahalleng.
(Sheba le Pes. 27:14; Mat. 6:34; 10:11, 13; 1 Pet. 1:21.)