PINA EA 23
Jehova o Qala ho Busa
-
1. Lena ke tsatsi la Jah.
Hona joale oa busa.
O hlomamisitse Jesu Kreste.
Re roriseng Jehova,
Re bineng re thabile.
Kreste Morena
o s’a lutse teroneng.
(K’HORASE)
’Muso’a Jehova o tla hlola.
Ho tla phela ba lokileng
’Me ba tla phela ba thabile
Ka ho sa feleng lefatšeng.
Rorisang Jehova Ntate,
Molimo ea lerato.
-
2. Kreste o filoe matl’a
Ho tlisa paradeise.
Puso ea Satane e tla fela.
Ke nako ea ho ruta
Batho ka ’Muso oa Jah,
Ba bonolo
ba khethe ho mamela Jah.
(K’HORASE)
’Muso’a Jehova o tla hlola.
Ho tla phela ba lokileng
’Me ba tla phela ba thabile
Ka ho sa feleng lefatšeng.
Rorisang Jehova Ntate,
Molimo ea lerato.
-
3. Kreste Moren’a rona
O bohlokoa haholo.
O filoe matla ke Ntate oa hae.
A re kopeng Jehova
Hore a re hauhele.
Haufinyane
o tla busa lintho tsohle.
(K’HORASE)
’Muso’a Jehova o tla hlola.
Ho tla phela ba lokileng
’Me ba tla phela ba thabile
Ka ho sa feleng lefatšeng.
Rorisang Jehova Ntate,
Molimo ea lerato.
(Sheba le 2 Sam. 7:22; Dan. 2:44; Tšen. 7:15.)