PINA EA 24
Tloong Thabeng ea Jehova
-
1. Bonang thaba ea Jah.
E phahame haholo
Ho feta lintho tsohle.
Bohle baa e bona.
Batho ba tsoa hole,
Ba hlaha le maoatleng
’Me baa bitsana ba re:
‘Tloong, le mameleng Jah.’
Nako e fihlile
Ea hore sechaba se hole.
Ha re ntse re hola,
Molimo oa re tataisa.
Batho ba tla ho Jah,
Ba rata puso ea hae.
Baa tšepahala,
Baa mo mamela kamehla.
-
2. Jesu o laetse,
A re boleleng lentsoe.
Litaba tse molemo
Li fihla ho bohle.
Kreste o s’a busa.
Bohle re mo tšehetse.
Ba bonolo ba mamela
Ntsoe la Jehova.
Rea thaba ho bona
Ha bongata bona bo hola.
Amehang ka batho.
Ba thuseng hore ba tsebe Jah.
Hoeletsang haholo
Hore bohle ba utloe.
‘Le tle thabeng ea Jah.
E teng ka ho sa feleng.’
(Sheba le Pes. 43:3; 99:9; Esa. 60:22; Lik. 16:5.)