Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 24

Tloong Thabeng ya Jehova

Tloong Thabeng ya Jehova

(Esaia 2:2-4)

  1. 1. Tadimang le bone,

    Ka hodim’a leralla.

    Ke thaba ya Jehova

    Ela e phahameng.

    Batho ba tswa hole,

    Ba hlaha ba tswa hohle,

    Mme ba ntse ba bitsana,

    ‘Tloong, utlwang Modimo.’

    Mme jwale ke nako

    Ya hore setjhaba se hole.

    Ha re ntse re hola

    Modimo o’a re tataisa.

    Batho ba tla ho Jah

    Ba rata puso ya hae.

    Baa tshepahala,

    Ba mo tshehetsa kamehla.

  2. 2. Jesu o laetse

    A re boleleng lentswe.

    Ditaba tse molemo

    Di fihla ho bohle.

    Kreste o sa busa,

    Bohle re mo tshehetse.

    Ba bonolo ba ke

    Ba utlwe lentswe la hae

    Ke thabo ho bona,

    Bongata bona bo boholo!

    Amehang ka batho.

    Ba thuseng hore ba tsebe Jah.

    Hweletsang haholo,

    Hore bohle ba utlwe,

    ‘Le tle thabeng ya Jah,

    E teng kamehla yohle.’