PINA EA 34
Re Sebeletsa Jehova ka Botšepehi
-
1. Nkahlole hle, Morena Jehova.
Ntate kea u tšepa ’me kea tšepahala.
Ea ntlhahlobang ha e be uena Jah
’Me le ea ntlhoekisang pelong e be uena.
(K’HORASE)
Ha e le ’na, ke’i kemiselitse
Ho u tšepahalla phelo bohle ba ka.
-
2. Ke hloile batho ba leshano.
Ke nyatsa ho lula le ba bolotsana.
Ha u timetsa batho ba khopo le ba ratang tjotjo,
Mpoloke hle Ntate.
(K’HORASE)
Ha e le ’na, ke’i kemiselitse
Ho u tšepahalla phelo bohle ba ka.
-
3. Ke ratile ntlo ea hao Jehova.
Ke ba teng kamehla har’a ba’u rapelang.
Aletareng ea hao ha ke hlokoe.
Ke moo ke’u rorisang teng kamehla eohle.
(K’HORASE)
Ha e le ’na, ke’i kemiselitse
Ho u tšepahalla phelo bohle ba ka.
(Sheba le Pes. 25:2.)