Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 34

Ho Tsamaya ka Botshepehi

Ho Tsamaya ka Botshepehi

(Pesaleme ya 26)

  1. 1. Nkahlole hle, Morena Jehova;

    Ntate ke’a o tshepa hape ke’a tshepeha.

    Ya ntekolang ha e be wena Jah;

    Mme le ya ntlhwekisang pelong e be wena.

    (CHORUS)

    Ha e le nna, Ke tla’ ikemisetsa

    ho ba ya tshepehang Kamehla le mehla.

  2. 2. Ha e le nna ke hloile leshano.

    Ke nyatsa ho dula le ba bolotsana.

    Ha o timetsa batho ba kgopo, le ba ratang tjotjo

    Mpoloke hle Ntate.

    (CHORUS)

    Ha e le nna, Ke tla’ ikemisetsa

    ho ba ya tshepehang Kamehla le mehla.

  3. 3. Ke ratile ntlo ya hao Jehova.

    Borapeding ba hao ke’a ba teng kamehla.

    Aletareng ya hao ha ke hlokwe,

    Ke moo ke’o rorisang teng kamehla yohle.

    (CHORUS)

    Ha e le nna, Ke tla’ ikemisetsa

    ho ba ya tshepehang Kamehla le mehla.

(Sheba le Pes. 25:2.)