Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 38

O Tla le Matlafatsa

O Tla le Matlafatsa

(1 Petrose 5:10)

  1. 1. Jehova o ile a le bontsha nnete,

    A le ntsha lefifing la lefatshe.

    A bona takatso ya pelo tsa lona

    Ya ho batla Mmopi le ho loka.

    La re le tla etsa thato ya hae;

    A le thusa hore le e phethe.

    (CHORUS)

    O le rekile ka madi a Kreste Jesu.

    O tla le tiisa,

    a le matlafatse.

    A le tataise a be

    a le boloke.

    O tla le tiisa,

    a le matlafatse.

  2. 2.Modimo Jah o le file Mora wa hae;

    Kahoo o le batlela katleho.

    O fane ka Mora ya ratehang wa Hae,

    Ho hang a ke ke a le tlohela.

    O hopola lerato la lona;

    O hlokomela bahlanka ba Hae.

    (CHORUS)

    O le rekile ka madi a Kreste Jesu.

    O tla le tiisa,

    a le matlafatse.

    A le tataise a be

    a le boloke.

    O tla le tiisa,

    a le matlafatse.