Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 40

Re ba Mang?

Re ba Mang?

(Baroma 14:8)

  1. 1. Modimo’a hao ke mang,

    Eo o tla mo mamela?

    Ke eo o tla mo kgumamela,

    Le eo o mo sebeletsang.

    O ke ke wa hlompha

    Marena a mabedi

    Mme wa a rata ka ho lekana

    Ka pelo yohle ya hao.

  2. 2. Modimo’a hao ke mang,

    Eo o tla mo mamela?

    Ke wena ya tla ikgethela,

    Hobane wa nnete o mong.

    Na o tla mamela

    Babusi ba lefatshe,

    Kapa o tla mamela Modimo

    O tshepehe ho yena?

  3. 3. Modimo’a ka ke mang?

    Ke mamela Jehova.

    Ke Ntate wa ka ya lerato;

    Ke tla phetha kano tsa ka.

    Ka theko’e phahameng

    O ile a ntopolla,

    Bophelong bohle ba ka ke tla nne

    Ke rorise Jehova.