Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 43

Thapelo ya Teboho

Thapelo ya Teboho

(Pesaleme ya 95:2)

  1. 1. Jehova Ntate re a o leboha.

    O Modimo Ya Utlwang thapelo.

    Ke ka hona re tlang ho wena Ntate,

    Hobane o a re hlokomela.

    Diphoso tsa rona di totobetse.

    Ak’o tshwarele ditlolo tsohle.

    Re a leboha ha re lopolotswe.

    O a bona hore re’a fokola.

  2. 2. Re ananela mosa wa hao Ntate.

    O re huletse ho wena, Mmopi.

    Re thuse hore re o sebeletse.

    Hape re thuse re tshepahale.

    Re leboha matla a’o re fang ona,

    Re na le sebete ha re paka.

    E se eka re ka ikokobetsa;

    Hoba o rata baikokobetsi.