PINA EA 55
Le se ke la Tšaba Batho
-
1. Tsoelang pele batho ba ka,
Le bolele ka ’Muso
’Me le se tšabe lira.
Tsebisang ba mamelang
Hore Kreste, Mora oa ka
O ahlotse Satane,
Haufinyane o tla tlangoa,
Bohle ba lokolohe.
(K’HORASE)
Le se ke la tšaba batho,
Le hoja ba le tšosa.
Ke ’na ea tla le boloka
Joaloka tlotlo la ka.
-
2. Leha lira li le ngata,
Li le tšosa, li soma,
Leha li ka le phoqa,
Tsa leka ho le thetsa,
Leha li ka le hlorisa,
Le se ke la li tšaba.
Ke tla boloka bohle
Ba tšepahalang kamehla.
(K’HORASE)
Le se ke la tšaba batho,
Le hoja ba le tšosa.
Ke ’na ea tla le boloka
Joaloka tlotlo la ka.
-
3. Kamehla ke tla hopola
Mesebetsi ea lona.
Leha ba le bolaea,
Ke ’na ea tsosang bafu.
Kahoo le se tšohe letho
Kaha ke tla le tsosa.
Le luleng le tšepahala
Hoba ke tla le putsa.
(K’HORASE)
Le se ke la tšaba batho,
Le hoja ba le tšosa.
Ke ’na ea tla le boloka
Joaloka tlotlo la ka.
(Sheba le Deut. 32:10; Neh. 4:14; Pes. 59:1; 83:2, 3.)