Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 61

Tswelang Pele, Lona Dipaki!

Tswelang Pele, Lona Dipaki!

(Luka 16:16)

  1. 1. Bohle ba tiile nakong ya bofelo,

    Bahlanka ba Jah ba bolela ka Mmuso.

    Leha Satane a hanyetsa.

    Ke Jehova ya tlang ho re tshehetsa.

    (CHORUS)

    Dipaki, tswelang pele le be sebete!

    Thabang le ikitlaetse tshebeletsong!

    Rutang batho bohle ka tsamaiso e ntjha

    Le ka mahlohonolo a yona.

  2. 2. Bahlanka bohle ba Jah ha ba tele;

    Ha ba kgahlise babusi ba lefatshe.

    Ba dula ba ntse ba hlwekile,

    Ba bontsha botshepehi ba tiile.

    (CHORUS)

    Dipaki, tswelang pele le be sebete!

    Thabang le ikitlaetse tshebeletsong!

    Rutang batho bohle ka tsamaiso e ntjha

    Le ka mahlohonolo a yona.

  3. 3. Batho ba hana Mmuso wa Modimo;

    Lebitso la Modimo ba’a le nyefola.

    A re nneng re le halaletse,

    Re le phahamise ditjhabeng tsohle.

    (CHORUS)

    Dipaki, tswelang pele le be sebete!

    Thabang le ikitlaetse tshebeletsong!

    Rutang batho bohle ka tsamaiso e ntjha

    Le ka mahlohonolo a yona.