Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 71

Re Lebotho la Jehova

Re Lebotho la Jehova

(Joele 2:7)

  1. 1. Re lebotho la ’Mopi

    Le tlas’a Kreste.

    Satane oa re loantša,

    Empa re bolela

    Ka ’Muso oa Jehova

    Lefatšeng lohle,

    Ha re tšabe letho.

    Rea matlafala.

    (K’HORASE)

    Re lebotho la ’Mopi.

    Re na le Kreste.

    Rea thaba hobane

    Jah o s’a busa.

  2. 2. Re batho ba Jehova.

    Re batla linku

    Tse lahlehileng tsa hae,

    Kaha li mathateng.

    Re leka ho li fepa,

    Rea li etela,

    Re ntse re li mema

    Ho tla libokeng.

    (K’HORASE)

    Re lebotho la ’Mopi.

    Re na le Kreste.

    Rea thaba hobane

    Jah o s’a busa.

  3. 3. Re lebotho la ’Mopi,

    Le utloang Kreste,

    Le loketseng ho loana.

    Re loanela ’nete.

    Re lule re itebetse,

    Re be khabane.

    Leha re le kotsing,

    Rea tšepahala.

    (K’HORASE)

    Re lebotho la ’Mopi.

    Re na le Kreste.

    Rea thaba hobane

    Jah o s’a busa.