Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 72

Ho Tsebahatsa Nnete ya Mmuso

Ho Tsebahatsa Nnete ya Mmuso

(Liketso 20:20, 21)

  1. 1. Pele re ne re sa tsebe

    Dithuto tse nepahetseng.

    Mme Jehova a kgantsha,

    Nnete ya Mmuso ya hlaka.

    Ra ithuta thato ya Jah

    Hore re mo sebeletse,

    Re tumise Jehova,

    Re mo roke mme re mo tlotlise.

    Re pakele batho bohle,

    Ka ntlo le ntlo le dit’rateng.

    Re thuse batho ho tseba;

    Nnete e tla ba lokolla.

    Ha re ntse re ruta bohle

    Hore ba rapele Mmopi,

    Re sebetse hammoho

    Ho fihlela tsatsing la bofelo.