Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 75

“Ke Nna Enwa! Roma Nna!”

“Ke Nna Enwa! Roma Nna!”

(Esaia 6:8)

  1. 1. Mehleng ena batho ba bang

    Ha ba hlomphe bitso la Jah.

    Ba re ke motho ya kgopo,

    Mawatla a re: “Ha a yo.”

    Ke mang ya ka mo emelang?

    Ke mang ya ka mo rorisang?

    (CHORUS 1)

    Morena ke teng! Roma nna!

    Ke tla o roka kamehla.

    Tokelo ena kea’e rata Jah.

    Ke nna enwa! Roma nna!’

  2. 2. Ba bang ba re o’a dieha;

    Ha ba tshabe Ya Phahameng.

    Ba ithapella ditshwantsho;

    Ba bile ba’a di tlotlisa.

    Ke mang ya ka ba lemosang

    Ka ntwa ya Harmagedone?

    (CHORUS 2)

    Morena ke teng! Roma nna!

    Ke tla ya ho ba lemosa.

    Tokelo ena kea’e rata Jah.

    Ke nna enwa! Roma nna!’

  3. 3. Ba bonolo ba’a fehelwa,

    Ha bobe bo ngatafala.

    Ba batla nnete ka tiyo,

    E tla ba tlisetsa kgotso.

    Ke mang ya ka ba tataisang

    Hore e be ba lokileng?

    (CHORUS 3)

    Morena ke teng! Roma nna!

    Ke tla ruta ba bonolo.

    Tokelo ena kea’e rata Jah.

    Ke nna enwa! Roma nna!’

(Sheba le Pes. 10:4; Ezek. 9:4.)