Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 78

“Ruta Lentsoe la Molimo”

“Ruta Lentsoe la Molimo”

(Liketso 18:11)

  1. 1. Ha re bolela Ntsoe la Jah,

    Re thaba haholo.

    Re fumana melemo e

    Mengata haholo.

    Re etsisa Mora oa Jah

    Ka ho ba lerato.

    Re rute batho ba tle ba

    Atamele ho ’Mopi.

  2. 2. Kaha re bahlanka ba Jah,

    Re itšoara hantle,

    Bohle ba bone molemo

    Oa ho tseba ’Mopi.

    Re ithuta Lentsoe la Jah

    Kaha le bohlokoa.

    Hape re bolella ba bang

    Litaba tse molemo.

  3. 3. Jehova o re thusa ho

    Ruta batho Lentsoe.

    Ha re kopa thuso ea hae,

    O tla re mamela.

    Re rata Ntsoe la Jehova.

    Rea tseba ke ’nete.

    Ha re rata bao re ba rutang,

    Ba tla rata ’Mopi.