Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA EA 81

Bophelo ba Pula-Maliboho

Bophelo ba Pula-Maliboho

(Moeklesia 11:6)

  1. 1. Esale ka meso, tsatsi le s’o chabe,

    Rea itokisa ’me

    Re rapela Ntate oa rona.

    Re ruta batho ka eena re thabile.

    Ba bang baa mamela,

    Ba bang ha ba rate ho utloa.

    (K’HORASE)

    Ke phelo ba rona.

    Re rata Jehova

    ’Me re tla etsa thato ea hae.

    Re tla ’ne re etse

    Mosebetsi ona

    Leha ho le thata hoba re rata Jah.

  2. 2. Tsatsi lea likela, re khutlela hae.

    Leha re khathetse,

    Re ntse re thabile haholo

    Hobane re rata ho fana ka sohle.

    Re leboha Jehova ka ho

    Re hl’onolofatsa.

    (K’HORASE)

    Ke phelo ba rona.

    Re rata Jehova

    ’Me re tla etsa thato ea hae.

    Re tla ’ne re etse

    Mosebetsi ona

    Leha ho le thata hoba re rata Jah.