Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 82

“Lesedi la Lona le ke le Kganye”

“Lesedi la Lona le ke le Kganye”

(Matheu 5:16)

  1. 1. Jesu o laetse:

    ‘Kgantshang lesedi.’

    Jwaloka letsatsi,

    Le yang ho bohle.

    Re tshedise batho

    ka Lentswe la Jah.

    Mme re kgantsheng lesedi

    Ka ho bolela.

  2. 2. Molaetsa wa Mmuso

    O fihle hohle.

    Lesedi le kganye

    Ha re bolela.

    Sedi la Mangolo

    Le’a re tataisa.

    Bohle re ba pakeleng;

    Ba etse kgetho.

  3. 3. Diketso tsa mosa

    Di kgantshe hohle.

    Mantswe’a rona e be

    A tlisang thabo.

    Sedi leo la rona

    Le ke le kganye,

    Mesebetsi ya rona

    E kgahle Mmopi.